Vinkmag ad

La 29 Tlhakubele 2024

Labohlano le Halalelang

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (52, 13-53,12)

 “O ile a hlajoa ka baka la libe tsa rona.”

Bonang, mohlanka oa ka o tla atleha; o tla tlotlisoa, a phahamisoe, a be moholo haholo. Joaloka ha a ne a nyarositse matšoele, hobane tšobotsi ea hae e ne e senyehile hoo e neng e se e se ea motho, le sebopeho sa hae e se e sa ke sa batho, ka mokhoa o tšoanang o tla makatsa lichaba tse ngata; marena a tla hloka puo pel’a hae, hobane a tla bona seo a e-song ho se pheteloe, a utloe seo a e-song ho se utloe.

Ke mang ea ka lumelang seo re se utloileng? Hona ke ho mang matla a Morena a kileng a iponahatsa? Mohlanka oa Morena o ile a holela pel’a hae joaloka lehlomela, le joaloka motso sebataolong. O ne a se na sebopeho, leha e le bokhabane ba hore re tle re mo bohe, leha e le botle ba hore a tle a re khahle. O ne a nyelisitsoe, a lahliloe ke batho; e ne e le motho oa mahloko, ea tloaetseng mahlomola, motho eo batho ba ipatang lifahleho ha ba ‘mona; o ne a nyelisitsoe, hoo re sa kang ra mo tsotella.

Empa ke mahloko a rona ao a inketseng ‘ona, ke mahlomola a rona ao a itjarisitseng ‘ona. Ha e le rona, re mo nkile e le ea otliloeng, ea hlokofalitsoeng ke Molimo, a b’a kokobetsoa. Ha e le ‘nete, o ile a hlajoa ka baka la libe tsa rona, a pshatlakoa ka baka la makhopo a rona. Kotlo e re fumantšang khotso ea oela holim’a hae, ra ba ra folisoa ka maqeba a hae. Kaofela ha rona re ne re lelera joaloka linku, e mong le e mong o ne a ea ka tselana ea hae; eaba Morena o mo jarisa melato ea rona bohle.

Leha a n’a tšoeroe hampe-mpe, o ile a ikokobetsa, a se ke a ahlamisa le molomo.  Joaloka konyana, e isoang hlabong, joaloka nku pel’a ba e kutang a se ke a ahlamisa le molomo.

A nkoa ka matla ‘me a ahloloa; ke mang ea kileng a mo tsotella? Efela o tlositsoe lefatšeng la ba phelang, o bolailoe ka baka la sebe sa sechaba sa hae. Kepelo ea hae e bile har’a ba khopo, lebitla la hae har’a barui, leha a sa ka a etsa phoso, ‘me leshano le sa ka la e-ba teng molomong oa hae. Empa e bile thato ea Molimo ho mo pitla ka mahloko. Haeba a nehela bophelo ba hae ka baka la libe, o tla bona litloholo, a phele halelele, ‘me thato ea Morena e tla phethahala ka eena.

Ka baka la mahlomola a hae, o tla bona leseli, a be a khotsofale. Ka tsebo ea hae. Mohlanka oa ka ea lokileng o tla etsa hore ba bangata-ngata ba loke, ‘me ke eena ea tla itjarisa melato ea bona. Ka baka leo ke tla mo fa matšoele ho ba kabelo ea hae, o tla arolelana khapo le ba matla, hobane o ile a inehela lefung ‘me a baloa har’a baetsalibe, athe o ne a jere libe tsa ba bangata-ngata, ‘me a rapella baetsalibe.

 

PESALEMA 30 (2.6.12-13.15-17.25. R. Lk 23,46)

 

NTATE, KE BEHA MOEA OA KA MATSOHONG A HAO.

Ke tšabela ho uena, Morena,

ke se ke mpe ka tlontlolleha le ka mohla.

Ke beha moea oa ka matsohong a hao;

ke uena ea ntopollang, Morena, Molimo oa ‘nete.

Ke fetohile sesomo ho lira tsohle tsa ka,

ke se ke nyonyeha ho baahisani,

Ke se ke ka koko ho ba ntsebang,

ba mponang mapatlelong, baa mpaleha.

Ha e le ‘na, ke tšepile uena, Morena,

ke re: Ke uena Molimo oa ka.

Litšiu tsa ka li matsohong a hao;

u ‘namolele liatleng tsa lira

le tsa bahlorisi ba ka.

Bontša mohlanka oa hao sefahleho se elileng,

u mpholose ka mohau oa hao.

Ke o mokakang molemo

oo u o boloketseng ba u tšabang. 

Ho baloa Lengolong ho Ba-Heberu. (4,14-16;5,7-9)

“Kriste o ile a ithuta mamelo, ‘me e bile mohloli oa pholoho ho bohle ba mo mamelang.”

Bana beso! Ka ha re e-na le moprista e moholo ea keneng leholimong, e leng Jesu Mor’a Molimo, a re tieeng ho bontša tumelo ea rona. Efela moprista e moholo oa rona ha se ea ka sitoang ho re utloela bohloko mefofokolong ea rona, empa ke ea lekiloeng ka mekhoa eohle joaloka rona, le hoja a se na sebe.

Ka baka leo a re keng re atamele ka tšepo setulong sa mohau hore re tle re fumane lereko, ‘me re fuoe mohau neng le neng ha ho hlokahala.

Ha a ntse a phela lefatšeng, ka mohoo o moholo le ka meokho Kriste o ile a hlahisa lithapelo le likopo tse matla ho ea ka mo pholosang lefung; a ba a mameloa ka baka la hlompho ea hae ho Molimo. ‘Me leha e ne e le Mora oa Molimo, a ithuta mamelo ka mahloko a hae. Ha a se a fihletse phetheho, e bile mohloli oa pholoho e sa feleng ho bohle ba mo mamelang.

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (18, 1-19,42)

Mahlomola a Morena oa rona Jesu Kriste.

– Ka nako eo, Jesu a tsoa le barutuoa ba hae, a tšelela mose ho molatsoana oa Kedrone, moo ho neng ho e-na le serapa, ‘me eena le barutuoa ba hae ba kena teng. Le eena Judase oa moeki, o ne a tseba qalo eo, hobane Jesu o ne a atisa ho kopana le barutuoa hae hona teng. Hoba Judase a fuoe sekhakhatha sa masole le bahlanka ke baprista ba baholo le bafarisi, a tla teng ka mabone, lirumula le lihlomo. Ka ho tseba tsohle tse tlang ho mo hlahela Jesu a ba khahlametsa, a re:

+Le batla mang?

-Ba mo araba ba re:

= Jesu oa Nazaretha.

-Jesu a re ho bona:

+Ke ‘na enoa.

-Judase ea mo ekang o ne a e-na le bona. Eitse ha Jesu a re ho bona: “Ke ‘na enoa”, ba checha ka santhao, ba oela fatše.

Eaba o boela a botsa:

+Le batla mang?

-‘Me bona ba re:

= Jesu oa Nazaretha.

-Jesu a fetola a re:

+Ke le boleletse hore ke ‘na; haeba le batla ‘na, tlohelang bana ba ikele.

-Ka hona ho ne ho tla phethahala lentsoe leo a neng a le bolele, ha a re:

Bao u ‘nehileng bona ha kea lahla le ea mong oa bona. Joale Simone Peterosi ea neng a e-na le sabole, a e hula ‘me a ratha mohlanka oa Moprista e moholo, a mo khaola tsebe e tona. Lebitso la mohlanka eo e ne e le Malkus. Empa Jesu a re ho Peterosi:

+Busetsa sabole ea hao selateng sa eona. Ana senoelo seo Ntate a ‘nehileng sona, nke ke ka se noa na?

-Joale sekhakhatha sa masole le molaoli oa sona le bahlanka ba Bajodi ba ts’oara Jesu ‘me ba mo tlama. Ba mo isa ho Hanna pele, eo e neng e le mohoehali oa Kaifa ke eena ea neng a elelitse Bajodi, a re: Ho molemo ha motho a le mong a ka shoela sechaba. Ha e le Simone Peterosi eena o n’a latela Jesu a e-na le morutuoa e mong. Morutuoa eo o n’a tsejoa ke Moprista e moholo, ‘me a kena le Jesu lebaleng la Moprista e moholo: Peterosi eena o n’a eme monyako kantle. Eaba morutuoa eo ea neng a tsejoa ke Moprista e moholo, o tsoela kantle, o bua le mosali ea lebelang monyako ‘me o kenya Peterosi. Joale lekhabunyane le neng le lebela monyako la re ho Peterosi:

= Na, le uena, ha u e mong oa barutuoa ba monna eo na?

– A re:

=Ha ke eena.

-Basebeletsi le bahlanka ba ne ba besitse mollo ho ikomosa, ka ha ho n’o bata. Le eena Peterosi o n’a eme le bona a nts’a ikomosa. Joale moprista e moholo a botsa Jesu mabapi le barutuoa ba hae le thuto ea hae. Jesu a mo araba, a re:

+ Ke buile pepeneneng pel’a batho bohle, ka mehla ke ne ke bua ka tlung ea thapelo le ka Tempeleng, moo Bajodi bohle ba phuthehelang teng, ‘me ha ho letho leo ke le buileng sephiring. U mpotsetsa’ng? Botsa ba utloileng seo ke ba boleletseng sona; bona ba tseba seo ke se boletseng.

Ha a qeta ho rialo, mohlanka e mong ea neng a le teng a jabela Jesu, a re:

= U hl’u arabe Moprista e Moholo joalo!

– Jesu, a mo fetola a re:

+Ha ke buile hampe, bonts’a bobe boo, empa ha ke buile hantle, u nkotlela’ng na?

-Ke moo Hanna a ileng a mo romela a ntse a tlanngoe ho Kaifa, moprista e Moholo. Simone Peterosi o n’a eme moo a nts’a ikomosa.

Eaba ba re ho eena:

=Na, le uena, ha u e mong oa barutuoa ba hae na?

Eena a latola a re:

=Ha ke eena.

-E mong oa bahlanka ba moprista e moholo, e leng seng le eo Peterosi a neng a mo khaotse tsebe, a re ho eena:

=Na ha kea ka ka u bona le eena ka serapeng na?

-Peterosi a boela a latola, ‘me hang-hang mokoko oa lla. Joale ba tloha ha Kaifa, ba isa Jesu lekhotleng la ‘musi. E ne e sa le hosasa; empa bona ha ba ka ba kena ka khotla, hore ba se ke ba silafala, ‘me ka hona ba tseba ho ja Paseka. Ka baka leo Pilato a tsoela ho bona kantle ‘me a re:

=Le qosa motho eo ka’ng na?

-Ba fetola, ba re ho eena:

=Hoja e ne e se sesenyi, re ka be re sa ka ra u nehela eena.

-Joale Pilato a re ho bona:

=Mo nkeng e le lona, le mo ahlole ka molao oa lona.

-Bajodi ba re ho eena:

=Ha re na tokelo ea ho bolaea motho.

-E ne e ka khona polelo ea Jesu e phethahale eo a neng a e bolele ha a lekanya lefu leo a neng a tla shoa ka lona. Joale Pilato a boela a kena ka khotla. A ba a bitsa Jesu, a re ho eena:

=Ana u Morena oa Bajodi na?

-Jesu a araba, a re:

+ Na sena u se bua se e-tsoa ho uena, kapa ke ba bang ba u boleletseng sona ka ‘na na?

-Pilato a fetola, a re:

= Hleka ke Mojodi? Sechaba sa heno le baprista ba baholo ba u nehetse ‘na. U entse’ng?

-Jesu a araba, a re:

+ ‘Muso oa ka ha se oa lefats’e lena. Hoja ‘muso oa ka e ne e le oa lefats’e lena, batho ba ka ba ka be ba loanne hore ke se ke ka neheloa Bajodi. Empa ‘muso oa ka ha se oa koano.

-Eaba Pilato o re ho eena:

= Ha ho le joalo, u morena na?

-Jesu a araba, a re:

+ Ua bolela, ke morena. Ke tsoaletsoe ho paka ‘nete, ‘me ke tletse hona lefats’eng. Mang le mang e leng oa ‘nete, o utloa lentsoe la ka.

-Pilato a re ho eena:

= ‘Nete ke’ng na?

-Hoba a rialo a boela a tsoela ho Bajodi kantle, ‘me a re ho bona:

= ‘Na ha ke fumane molato oa letho ho eena. Empa ke tloaelo hore ke le lokollele e mong mohla Paseka. Ha ho le joalo, le rata hore ke le lokollele morena oa Bajodi na

-Ba boela ba hooa hape, ba re:

= E seng eena, e mpe e be Barabbas.

-Empa Barabbas e ne e le sesenyi. Joale Pilato a laela hore Jesu a nkoe, a shapuoe. Ke ha masole a loha mofapahlooho ka meutloa, a mo roesa oona hlohong, `me a mo apesa setipe se sefubelu. Ba ne ba e-tla ho eena, ba re:

= Ahe, Morena oa Bajodi!

-‘Me ba ne ba mo jabela. Pilato a boela a tsoela kantle, ‘me a re ho bona:

-Bonang, ke le tlisetsa eena kantle, le tle le tsebe hore ha ke fumane molato oa letho ho eena.

-Eaba Jesu o tsoela kantle, a rotse mofapahlooho oa meutloa, a apere setipe se sefubelu. Pilato a re ho bona:

=Ke eo motho oa lona!

– Eare ha baprista ba baholo le bahlanka ba ‘mona, ba hooa ba re:

=Mo thakhise! Mo thakhise!

-Pilato a re ho bona:

=Mo nkeng e le lona ‘me le mo thakhise; ha e le ‘na, ha ke fumane molato oa letho ho eena. ………..

Vinkmag ad

Read Previous

La 28 Tlhakubele 2024

Read Next

La 30 Tlhakubele 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular