Vinkmag ad

La 23 Tlhakubele 2024

Beke ea 5 ea Karisima

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Ezekiele. (37,21-28)

“Ke tla ba etsa chaba se le seng.”

Ke sena seo Morena Molimo a se bolelang: Ke se ke tla ntša bana ba Israele lichabeng tseo ba bileng har’a tsona. Ke tla ba phutha ka ‘nqa tsohle, ke ba khutlisetse lefatšeng la habo bona. Ke tla ba etsa chaba se le seng ba le naheng ea bona, lithabeng tsa Israele. Bohle ba tla busoa ke khosi e le ‘ngoe, ha e sa tla ba lichaba tse peli, ha ba sa tla etsa mebuso e ‘meli e arohaneng.

Ha ba sa tla itšilafatsa ka melimo ea bona ea bohata, ka liketso tse nyonyehang tsa bona le ka litlolo tsohle tsa bona. Ke tla ba lokolla libeng tsohle tsa bona tsa bokoenehi, ke ba hloekise, e le hore bona e be sechaba sa ka, ‘me ‘na ke be Molimo oa bona.

Mohlanka oa ka Davida e tla ba khosi ea bona, ‘me bohle ba tla ba le molisa a le mong. Ba tla tsamaea ka ho ea ka litaelo tsa ka, ba boloke melao ea ka ‘me ba e phethe. Ba tla aha naheng eo ke e nehileng mohlanka oa ka Jakobo, ‘me eo bo-ntat’a bona ba neng ba ahile ho eona. Ba tla aha ho eona ka mehla, bona ‘moho le bana le litloholo tsa bona, mohlanka oa ka Davida e le khosana ea bona ka mehla.

Ke tla hlaba selekane sa khotso le bona, e be selekane se sa feleng. Ke tla ba atisa, ke behe sehalalelo sa ka har’a bona ka mehla. Ke tla aha har’a bona, ke be Molimo oa bona, ‘me bona e be sechaba sa ka. Le lichaba li tla tseba hore ke ‘na Morena, ea halaletsang sechaba sa Israele, hobane sehalalelo sa ka se har’a sona ka mehla.

PESALEMA        (Jer 31,10-13. R. 10)

MORENA O TLA RE LISA JOALOKA MOLISA A LISITSE MOHLAPE OA HAE.

Lona lichaba, mamelang lentsoe la Morena,

le le phatlalletse lihleke-hleke tse hole.

Le re: Ea qhalantseng Israele oa mo phutha,

‘me oa mo lisa

joaloka molisa a lisitse mohlape oa hae.

Morena o lopolotse Jakobo,

o mo namoletse matsohong a ea mo fetang ka matla.

Ba tla tla ka litlatse tsa thabo thabeng ea Sione,

ba tla mathela ho tse molemo tsa Morena,

e leng koro, veine le oli,

likonyana le manamane.

Ke moo baroetsana ba tla thabela metjeko,

bahlankana le maqheku ba nyakalle.

Ke tla fetola bofifi ba bona thabo,

ke ba tšelise, ke ba thabise bohlokong ba bona.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes  (11,45-56)

“E le hore a kopanye bonngoeng bana ba Molimo ba qhalaneng.”

Ka nako eo, Bajodi ba bangata har’a ba neng ba tlile ho Maria le ho Maretha, ba lumela ho Jesu, ha ba bone seo a se entseng. Athe ba bang ba bona ba ea ho Bafarisi ‘me ba ba bolella seo Jesu a se entseng.

Eaba baprista ba baholo le Bafarisi ba phutha lekhotla, ba re: Re tla etsa joang na, ha e le moo motho enoa a etsa lipontšo tse ngata? Ha eba re mo tlohela joalo, bohle ba tla lumela ho eena, ‘me Baroma ba tla tla felisa Tempele ea rona le sechaba sa rona.

E mong oa bona ea bitsoang Kaifa, eo e neng e le moprista e moholo oa selemo seo, a re ho bona: Lona ha le tsebe letho. Ha le elelloe hore ho molemo ho lona motho a le mong a ka shoa bakeng sa sechaba, e le hore sechaba se se ke sa timela kaofela. Athe seo a se buileng e n’e se se tsoang ho eena; empa kaha e n’e le moprista e moholo oa selemo seo, o n’a profeta hore Jesu o n’a tla shoela sechaba: e seng sechaba feela, empa le bana ba Molimo ba qhalaneng, hore a ba kopanye bonngoeng.

Ho tloha tsatsing lena ba ile ba rera ho ‘molaea. Ka baka leo Jesu ha a ka a hlola a tsamaea pontšeng har’a Bajodi, a mpa a ikela naheng e pel’a lefeella, motseng o bitsoang Efraime, ‘me a lula teng le barutuoa ba hae.

Joale Paseka ea Bajodi e n’e le haufi, ‘me ba bangata ba naha eo ba ile ba nyolohela Jerusalema pele ho Paseka, hore ba itlhoekise. Ba ne ba batla Jesu, ba botsana ba eme ka tempeleng, ba re: Lona le re’ng ha e le moo a sa ka a tla moketeng? Empa baprista ba baholo le bafarisi ba ne ba entse taelo ea hore ha e mong a ka tseba moo a leng teng, a bolele, ba tle ba mo tšoare.

Vinkmag ad

Read Previous

La 22 Tlhakubele 2024

Read Next

IEC e abela AUT le ATM mangolo

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular