Vinkmag ad

La 15 Tlhakubele 2024

Beke ea 4 ea Karisima

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Bohlale. (2.1.12-22)

“A re ke re mo ahloleleng lefu le lihlong.”

Khopolong e fosahetseng ea bona, ba khopo ba itse: A re lalleng ea lokileng, hobane oa re tsietsa o bile o hanyetsana le liketso tsa rona, o re khalemella litiolo tsa Molao, ‘me o re qosa ka melato ea rona e fapakaneng le kholiso ea rona.

O ipolelisa ka hore o tseba Molimo ‘me o ipitsa mora oa Morena. Re bona e le monyatsi oa mehopolo ea rona; ka ho ‘mona feela rea nyekeloa, hobane bophelo ba hae ha bo tšoane le ba batho, o ikentse mokhelo ho bohle. O re talima re le batho ba fapakaneng; o re koekoetla joaloka ntho e litšila. O bolelisaka lehlohonolo la lefu la ba lokileng ‘me o ithorisaka ka hore Molimo ke ntat’ae.

Butleng re bone hore na lipolelo tsa hae li na le ‘nete, re tle re bone hore na o tla fella kae. Haeba ea lokileng ke mora oa Molimo, Molimo o tla mo thusetsa, a mo ephole matsohong a lira tsa hae.

A re mo lekeng ka mahlapa le ka tlhokofatso, hore re tle re ikholise ka boiphapanyo ba hae ‘me re pake mamello ea hae. A re ke re mo ahloleleng lefu le lihlong: hobane, o itse o tla sireletsoa.

Ba hopotse joalo, empa ba lahlehile; ba foufalitsoe ke bokhopo ba bona. Ha ba tsebe makunutu a Molimo, ha ba lebelle hore ba halalelang ba ka putsoa, ha ba kholoe le hore ba se nang koli ba ka fuoa khau.

PESALEMA 33  (17-20.21 le 23. R. 19)

MORENA O HAUFI LE BA PELO LI MATETETSO

Sefahleho sa Morena se halefetse ba etsang bobe,

ho ba hlakola lefatšeng,

hore ba se hlole ba hopoloa.

Ha ba lokileng ba hoeletsa, Morena oa ba utloa;

o ba ntša matšoenyehong ‘ohle a bona.

Morena o haufi le ba pelo li matetetso,

o pholosa ba meea e imetsoeng.

Litsietsi tsa ea lokileng ke tsa mefuta-futa;

empa Morena o mo inola ho tsona kaofela.

O baballa masapo ‘ohle a hae,

ha ho le le leng la ‘ona le ka robehang.

Morena o pholosa bophelo ba bahlanka ba hae;

ha ho le ea mong oa ba mo tšepang

ea tla fumana kotlo.     

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes (7,1-2.10.25-30)

“Ba ne ba batla ho mo tšoara, empa e n’e e-s’o be nako ea hae.”

Ka nako eo, Jesu o n’a tsamaea Galilea, a sa rate ho tsamaea Judea, hobane Bajodi ba ne ba batla ho ‘molaea. Mokete oa Bajodi oa Metlotloane o n’o le haufi. Empa eitse ha bana babo ba nyolohetse moketeng, eaba le eena o nyolohela teng, e seng pontšeng, empa ka mokhoa oa sephiri.

Ba bang ba Jerusalema, ba ne ba re: Na eo ha se eena eo ba batlang ho ‘molaea? Empa ke enoa a bua pepeneneng, ‘me ha ba re letho ho eena! Ebe marena a khotsoe ruri hore ke eena Kriste na? Empa enoa re tseba moo a tsoang teng, athe Kriste, mohla a tlang ha ho ea tla tseba moo a tsoang teng.

Eaba Jesu, ea neng a nts’a ruta ka Tempeleng, o hooa, a re: Lea ntseba, le bile le tseba moo ke tsoang teng. Ha kea itlisa ka bonna, empa ea nthomileng o na le ‘nete. Lona ha le mo tsebe. ‘Na kea mo tseba, hobane ke tsoa ho eena ‘me ebile ke eena ea nthomileng. Joale ba ne ba batla ho mo tšoara empa ha ho le ea mong ea ileng a mo isa letsoho, hobane e n’e e-s’o be nako ea hae.

Vinkmag ad

Read Previous

La 14 Tlhakubele 2024

Read Next

La 16 Tlhakubele 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular