Vinkmag ad

Loti lea reketla mebarakeng

Setsebi sa Litaba tsa Moruo, Letsatsi Sephepha, o re likhakanyo tsa Lichelete tsa Selemo sa 2023/24 li theohile ka M2 Billione, kaha selemong sa 2023/24 e ne e le M24 Billione ka hona sena se tlo beha Loti tlokotsing mebarakeng ea lefats’e, kaha le se na ts’ehetso e ntle ea khoebo ea lehae e thusang le boleng bo nepahetseng. O hlalositse tsena, puisanong le Koranta ka la 21 Hlakola monongoaha, ena.

O re  Loti le bonahala le reketla ke ho hloka tlhahiso ea lehae, ‘me hona ho bolela hore batho ba ka nolofalloa  ke ho tloha  naheng tsa habo bona  ho tla fetolela chelete  ea bona  ho ea Loti, ‘me sena se bakoa haholo ke tahlehelo ea botseteli ba lehae.

O re litaba tsa ho hirisa basebetsi ba nang le litsebo linaheng tse ling ke bohlokoa, kaha hoo ho tla thusa naha ho ba le ts’ebeliso ea chelete ea linaha tse ling, empa ha e le taba e tafoleng e reroang e sa phethahatsoe e ba bothata, le hoja naha e hula ka tlhako tsa morao tlhahisong ea mosebetsi.

A bonts’a hore Setsi sa Pokello ea Lekhetho (RSL) se sitiloe ho bokella lekhetho ke lebaka la tlhahiso ea naha ea lehae e fokolang, ‘me hona hore melata e lutse Basotho molaleng chelete e-ea linaheng tse ling. O re khakanyo ena ha e bonts’e e na le tharollo tlhahisong ea lehae, hosane batho ba bangata ha ba tl’o sebetsa, hosane ‘muso o bolaile mesebetsi ea boipheliso metseng joaloka temo ea lifate malapeng le likhakeletsi tse neng li ts’ehetsoa ke ona ka lichelete.

A re ho bohlokoa hore naha e tle ka mekhoa e mecha ea tlhahiso joalo ka ho sebelisa boea ho hohla likhoele, ho hlahisa lesela le ho sebelisoa letlalo ho hlahisa liaparo ka mefuta.

Sephepha o re ke ntho e makatsang hore litsi tsa bophatlalatsi ha li fumane ts’ehetso ho ‘muso, le hoja e le bona leihlo la sechaba. A re tlhopho- bocha ha e na chelete, e its’etlehile ka bafani ka hona e tla lula e faretse ebile e ka ‘na ea fetoha ha ho letho, hobane ho se na mokhoa oa hore e kenngoe ts’ebetsong leha e ka fetisoa paramenteng.

A re ho tla ba thata hape hore e phethahatsoe hobane  batho ba matleng ha ba batle theolelo ea matla sechabeng, kaha seo se tl’o ba amoha ona.

O bonts’itse hore ‘muso o na le bothata ba ho ts’epahalla mekonteraka, le hoja e le bona batho ba hirang sechaba se sengata, hona ho bakile linyeoe tse ngata makhotleng a molao tsa ho se lefshoe ka nako ha mekonterata e entseng mesebetsi ea ‘muso, hoo o qetellang o lefa lichelete tse sa feleng ka lebaka la ho otloa ke nako.  A re ha ho na lintlafatso tseo ‘muso o tlang ho li etsa hobane o ntse o sebetsa ka litsela tse neng li thakholoe mebusong e fetileng.

O itse o tlameha ho lokisa molao o neng o lokisetsa peke le kharafu hore Basotho ba rafe ka bo-bona, ba tsebe ho khafisoa molemong oa tlhahiso ea mesebetsi le pokello ea lekhetho. A re taba ena e emisitse pokello ea lekhetho ka lebaka la batho ba ipokellang ka matla.

A re lits’enyehelo tsa naha ke 60% ‘me li holimo khahlanong le ho ntlafala ha moruo.

H’a phethela o supile hore litaba tsena tsa ntlafatso ea moruo ke khomo ea moshate, ‘me e bang chelete e sa potolohe kahar’a sechaba sena se tlo etsa hore batho ba hatelloe ke litheko tse boima tsa lijo le litlhoko tsa mantlha tsa letsatsi ka leng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 2 Tlhakubele 2024

Read Next

La 4 Tlhakubele 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular