Vinkmag ad

La 1 Tlhakubele 2024

Beke ea 2 ea Karisima

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Genese. (37,3-4.12-13.17-28)

“Ralitoro ke eo a e-tla! Tloong, re ‘molaeeng!”

Israele o na rata Josefa ho feta bana ba hae kaofela, hobane e n’e le mora eo a mo fumanetseng boqhekung. O n’a mo etselitse seaparo se selelele se matsoho. Ha bana babo ba bona hore ntat’a bona o mo rata ho feta bana kaofela, ba mo hloea hoo ba neng ba sitoa ho bua le eena ka khotso. Bana babo ba ne ba alosa mehlape ea likhutšoane tsa ntat’a bona Shekeme, Israele a re ho Josefa: Bana beno ba alositse Shekeme. Tloo, ke u rome ho bona.

Eare ha ba ‘mona a sa tla le hole, pele a fihla ho bona, ba rera ho ‘molaea. Ba buisana ba re: Ralitoro ke eo a e-tla ! Tloong, re ‘molaeeng, re mo lahlele ka ho le leng la malumela, re tle re re sebatana se mo harotse, ‘me re tla bona hore na litoro tsa hae li tla fella kae.

Rubene ha a utloa tsena, a leka ho mo pholosa matsohong a bona, a re: Re se ke ra ‘molaea. A eketsa a re: le se ke la tšolla mali! Mpeng le mo lahlele lelumeleng lena le nahathothe, le se mo ise matsoho. O n’a rialo ka ho rata ho mo pholosa matsohong a bona, e le hore a tle a mo khutlisetse ho ntat’ae.

Eare ha Josefa a fihla ho bana babo, ba mo hlobolisa seaparo sa hae, seaparo se selelele, se matsoho, seo a neng a ntse a se apere; ba mo nka, ba mo lahlela lelumeleng. E n’e le lelumela le ommeng, le se nang metsi. Eaba ba lula fatše, baa ja. Eare ha ba phahamisa mahlo, ba bona sehlopha sa ba-Ishmaele se tsoang Gileade, likamele tsa bona li bofile linoko, balsame, le lero la lifate, ba li isa Egepeta.

Juda a re ho bana babo: Thuso ke efe ho bolaea ngoan’abo rona, le ho pata mali a hae? Tloong, re mo rekiseng ho ba-Ishmaele, re se mo ise matsoho, hobane ke ngoan’abo rona, re mali a le mang. Bana babo ba lumela.

Eare ha ho feta bahoebi bao ba Midiane, ba nyolla Josefa, ba mo nts’a lelumeleng, ba mo rekisa ho ba-Ishmaele lichelete tse mashome a mabeli tsa silivera; ‘me bona ba ea le eena Egepeta.

PESALEMA 104 (16-21. R. 5)

SE LEBALENG TSE TSOTEHANG TSEO MORENA A LI ENTSENG.

Molimo a lihela lefatše tlala,

a hula mekhoa eohle ea ho fumana bohobe.

A romela motho ho ba etellapele,

Josefa ea rekisitsoeng ho ba lekhoba.   

Maoto a hae a hlokofatsoa ka mahlaahlela,

a akheloa liketane molaleng,

ho fihlela ho phethahala seo a neng a se boletse,

‘me polelo ea Morena ea mo paka.

Khosi ea laela hore a lokolloe,

‘musi oa lichaba a mo nts’a litlamong.

Ea ‘meha mookameli oa ntlo eohle ea eona,

le molisa oa maruo ohle a eona.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus (21,33-43.45-46)

“Eo ke mojalefa! Tloong, re ‘molaeeng!”

Ka nako eo Jesu a bolella mats’oele a Bajudi le marena a Baprista a re: mamelang papiso e ‘ngoe: Ho ne ho le teng motho  e mong eo e neng e le hlooho ea lelapa, ea neng a lemme morara. A o kopela ka motero, a cheka setlhotlelo a ba a aha tora. A etsa seahlolo le balemi a ntan’o eta.

Eare ha nako ea ho khola morara e atametse, a roma bahlanka ba hae ho balemi ho ea lata seabo sa hae. Empa balemi ba ts’oara bahlanka ba hae, ba kakata e mong, e mong ba ‘molaea, e mong eena ba mo tlepetsa ka majoe. A boela a roma bahlanka ba bang, ba bangata ho feta ba pele, empa le bona ba ba etsa joaloka ba pele. Qetellong a roma mor’a hae ho bona, a re: Ba tla hlonepha mora oa ka. Empa balemi, ha ba bona mora, ba buisana, ba re: Eo ke mojalefa: tloong, re ‘molaeeng, re tle re inkele lefa la hae. Eaba b’a mo tšoara, ba mo hulela kantle ho tšimo ea morara, ba ‘molaea.

Ana mohla mong’a morara a tlang, o tla ba etsa’ng balemi bao? Ba re ho Jesu: Batho bao ba khopo o tla ba timetsa, a etse seahlolo le ba bang, ba tla mo fa seabo sa hae ka nako ea teng. Jesu a re ho bona: Hleka ha le e-s’o bale Mangolong, moo ho thoeng:

Lejoe leo liahi li le lahlileng,

ke lona le entsoeng la motheho.

Ona ke mosebetsi oa Morena,

o tsoteha hakakang mahlong a rona!

Ka baka leo ke re ho lona: Le tla amohuoa ‘muso oa Molimo, o nehoe sechaba se seng se tla bea litholoana.

Marena a baprista le Bafarisi ha ba utloa lipapiso tsa hae, ba utloisisa joale hore o bua ka bona. Ba batla ho mo tšoara, empa ba tšaba matšoele hobane a n’a mo talima e le moprofeta.

Vinkmag ad

Read Previous

Econet e ntlafatsa lipapali

Read Next

La 2 Tlhakubele 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular