Vinkmag ad

BAP e’a itlhakisa

Motlatsi oa Moetapele oa Lekhotla la Liketso le Bophethahatsi (BAP), ebile e le Letona la Lipapali, Mohlomphehi Motlatsi Maqelepo o re Komiti ea Phethahatso ea BAP e fihletse qeto ea hore Mongholi e Moholo oa Lekala la Matla le Letona la Lekala leo, ebile e le Moetapele oa BAP, Prof. Nqosa Mahao ba arohanngoe ka lebaka la likhula-khulano tse teng lipakeng tsa bona. Tsena li hlaheletse ‘mokeng oa baphatlalatsi ba litaba o bileng Ntlo-Kholo ea BAP, Fokothi, ka la 15 Hlakola monongoaha.

Maqelepo o boletse hore le hoja qeto ea mofuta o joalo e lokela hore e etsoe ke Tona-Kholo, sena komiti ea habo e se etsa ka morero oa ho rarolla likhohlano tse teng lipakeng tsa Mongoli e Moholo le Letona la Lekala. O re komiti ea habo e ile ea theha Komitjana ea Tšebetso  ho fuputsa litaba tsena ka botlalo, e le ho leka ho tlisa poelano lipakeng tsa batho bana ba babeli le ho fumana hantle sesosa sa qaka ea bona.

O re ba ile ba fumana hore sesosa sa likhohlano tsena har’a tse ling li bakiloe ke ho se utloisisane ha meeli ea tšebetso. A supa hore eena h’a na bothata ba hore a ka sebetsa le Mongoli eo e Moholo, kaha a hloka ho thusoa  ka tataiso lipakeng tsa matla a hae le a letona. A ikopela tšoarelo ho litho tsa BAP, basebetsi ‘moho pusong le sechaba sohle sa Basotho moo e bang litaba tsena li ile tsa batla li jala pherekano.

Vinkmag ad

Read Previous

Bacha ba RFP b’a iketa

Read Next

Mosebetsi oa maparamente ke ofe?

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular