Vinkmag ad

Balumeli ba keteka le Mobabatsehi

Mobabatsehi Tlali Gerard Lerotholi OMI o eteletse pele tšebeletso ea Sehlabelo se Halalelang sa ‘Missa, sa mokete oa hae oa letsatsi la tsoalo, moo a neng a qeta lilemo tse 70. Mokete ona o ne o tšoaretsoe Archbishop House, Maseru, ka la 12 Hlakola monongoaha.

Khothatsong ea hae Mobabatsehi o buile ka lintlha tse tharo e leng bophelo, lerato le nako. O itse lintlha tsena ke tsona mokokotlo oa letsatsi la hae la tsoalo. A re ha ho mpho e fetang bophelo, e leng eo Morena Molimo a re fileng eona. A re Molimo o boetse o re baletse lilemo tsa bophelo boo motho ka mong a lokelang ho li phela. “Ke mo khona ke ratang mantsoe ana a fumanoang bukeng e kholo mona moo re utloang motho a reng; “Ke ‘na tsela, ‘nete le bophelo, ‘me ea lumelang ho ‘na a ke ke a shoa le khale.” A rialo.

A re ntlha ea bobeli ke lerato hobane bophelo bo se nang lerato ha se bophelo. “Ke hore motho ea se nang lerato o shoele a ntse a hema.” O boletse joalo a bile a eketsa ka hore ntlha ea boraro, e leng ea ho qetela ke nako, e le hore ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e na le nako ea eona.  “Joalokaha re e na le nako e na ea hajoale eo re e filoeng. Ho tseba mang hore na ha re tloha mona ho tl’o etsahalang?” Ho botsa Mobabatsehi a bile a hlokomelisa bohle hore motsotso oo re o fuoeng ke oa bohlokoa ho supa bona bophelo.

A phethela ka hore lintho tsena tse tharo lia nyallana, ‘me thapelo ea rona ke ena: “Mong’a bophelo re lumela ho uena, joale re fe bophelo bona bosafeleng hobane rea elelloa hore joale mona ho na le nko eo re e behetsoeng ke Morena.” Ke Mobabatsehi eo.

Sr. Vitalina Mohale lebitsong la Baprista le Baitlami, o boletse hore o tlisitse ho Mobabatsehi mantsoe a mabeli feela e leng a teboho le kopo. A re baitlami ba itse ho eena b’a leboha ka mpho ena eo Morena Molimo a ba fileng eona, “e leng uena ntate.” A re Mobabatsehi ke mpho ea bohlokoa haholo kahar’a kereke ea Morena Molimo. Ka hona ba leboha Morena Molimo ea ntseng a mo file matla, mosebetsing ona oo a o khethetsoeng oa bolisa. A re ka lentsoe la bobeli e leng la kopo, ba se ba mo kopela matla le bophelo bo botle boliseng ba hae, e le hore a ‘ne a ntšetse pele mosebetsi ona oa kereke oa ho alosa mohlape oa morena.

Mofumahali Tsebo Lerotholi eena o lebohetse Mobabatsehi haele mona Morena Molimo a ntse a mo file bophelo bo botle. A boela a mo lebohela haele mona a ntse a tšoere hantle boliseng ba hae. A mo kopela lithapelo le tšehetso e matla ho bakriste le hore a hahamalle pele, hobane Morena Jesu o ile a sia Kereke ea hae matsohong a bahlanka ba itseng, ho phatlalatsa molaetsa o molemo.

‘Matefo Tefo lebitsong la bakriste o itse ba thabile haholo ka letsatsi lena la tsoalo ea Mobabatsehi hobane ba bone boholo, matla le lerato la Morena Molimo. A re ba bone matla a hae leetong leo e saleng a le tsamaea ho tloha tlhahong ea hae ho fihlela kajeno. A re ba se ba mo kopela ho Morena Molimo hore a ‘ne a mo ekeletse bophelo bo botle. “Re leboha Molimo. Ntate Lerotholi re bone bolisa ba hao, leetong la rona la tumelo. Ke ka hona re reng rea leboha ka Molisa oa sebele ea kang uena.” A rialo.

Vinkmag ad

Read Previous

Standard Lesotho e pharalatsa litšebetso

Read Next

Nako ea Karisima

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular