Labobeli
Ho baloa Bukeng ea Pele ea Likhosi. (8,22-23.27-30)
Ua re: Lebitso la ka le tla ba mona. Mamela likopo tsa sechaba sa hao sa Israele.
Matsatsing ao, Morena Salomone a ema pel’a aletare ea Morena, ponts’eng ea phutheho eohle ea Israele, a phahamisetsa matsoho a hae maholimong, a re: Morena, Molimo oa Israele, ha ho Molimo ea kang uena, leha e le holimo maholimong, leha e le tlase lefatšeng, uena ea tšepahalang selekaneng sa hao, ‘me ea bolokang bahlanka ba hao mohaung oa hao, ha ba tsamaea pel’a hao ka pelo tsohle tsa bona.
Na Molimo a ka hla aha lefats’eng? Haesita le maholimo, le maholimo a holimo, a ke ke a u kopa, haholo ntlo ena eo ke e ahileng e ka u kopa joang? Ak’u sekehele thapelo ea mohlanka oa hao le kopo ea hae tsebe, Morena, Molimo oa ka! U mamele mohoo le thapeli eo mohlanka oa hao a e hlahisang pel’a hao kajeno!
Nyene le bosiu mahlo a hao a ‘n’a be holim’a ntlo ena, e leng qalo eo u buileng ka eona, ua re: ‘Lebitso la ka le tla ba ho eona.’ Ak’u mamele thapelo eo mohlanka oa hao a e etsang qalong ena. Mamela likopo tseo mohlanka oa hao le sechaba sa hao sa Israele ba tla li hlahisa qalong ena. Uena ea utloang u le maholimong moo u lulang teng, ak’u re mamele ‘me u re tšoarele!
PESALEMA 83 (3-5.10-11. R. 2)
E RATEHA HAKAKANG MEAHO EA HAO, MORENA OA TSOHLE.
Moea oa ka o hlolohetsoe mabala a tempele ea Morena,
hoo nka ‘nang ka shoa;
pelo le litho tsohle tsa ka li hoeletsa ka thabo
ho Molimo ea phelang.
Esita le serobele se iphumanetse lehae,
le lefokotsane ntloana,
eo le behang malinyane a lona ho eona,
haufi le lialetare tsa hao, Morena oa tsohle,
Khosi ea ka le Molimo oa ka.
Ho lehlohonolo ba lulang ka tlung ea hao,
ba u rorisang ba sa khaotse.
Molimo, uena thebe ea rona, ak’u shebe,
u talime sefahleho sa motlotsuoa oa hao.
Ruri letsatsi le le leng mabaleng a hao
le feta a sekete bakeng se seng.
Ke ikhethela ho ba monyako oa Ntlo ea Molimo oa ka,
ho e-na le ho lula metlotloaneng ea ba khopo.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (7,1-13)
Le etsa Lentsoe la Molimo lefeela ka meetlo eo le e qapileng.
Ka nako eo Bafarisi le ba bang ba bangoli ba tsoang Jerusalema ba phuthehela ho Jesu; ‘me eitse ha ba bona barutuoa ba bang ba hae ba e-ja bohobe ka matsoho a litšila, ke hore a sa kang a hatleloa, ba nyatsa.
Hobane Bafarisi le Bajodi bohle ha ba je, ba sa ka ba hatlela matsoho hantle, ka ho ea ka meetlo ea baholo. ‘Me ha ba khutla, ba e-tsoa lepatlelong la motse, ha ba je ba e-s’o itlhoekise ka metsi pele. Le meetlo e meng e mengata e sa le teng, eo ba e bolokang, joaloka ho hlatsoa mehope, linkho le lijana tsa koporo.
Joale Bafarisi le bangoli ba molao ba ‘motsa, ba re: Ke ka baka la’ng ha barutuoa ba hao ba sa latele meetlo ea baholo, ba mpa ba e-ja bohobe ka matsoho a litšila, na?
A ba araba a re: Baikaketsi ting! Isaia o n’a nepile ha a profeta ka lona ka mantsoe ana a Mangolo a reng: Sechaba sena se ntlhompha ka molomo feela, athe pelo tsa sona li hole le ‘na. Tlhompho eo ba e lebisang ho ‘na ke ea bosaoana; lithuto tseo ba li rutang ke litaelo tsa batho feela. Hobane le lahlile molao oa Molimo, le kakatletse meetlo ea batho.
‘Me o n’a re ho bona: Le hlile le etsa molao oa Molimo lefeela, le tle le boloke meetlo ea lona. Moshe o itse: Hlonepha ntat’ao le ‘m’ao; hape: ea tla hlapaola ntat’ae kapa ‘m’ae, a shoe lefu. Athe lona le re: Motho a ka re ho ntat’ae, kapa ho ‘m’ae: Korbane (ke ho re neho e etsetsoang Molimo) efe le efe e etsoang ke ‘na e tla u thusa. ‘Me le se le mo lumella ho se thuse ntat’ae kapa ‘m’ae ka letho ho feta moo. Le etsa Lentsoe la Molimo lefeela ka meetlo eo le e qapileng, ‘me le etsa tse ngata tse kang tseo.
