Vinkmag ad

Lihoai li’a bapatsa

Lekala la Temo le Kanetso ea Lijo ka morero oa lona oa Ntšetsopele ea Lihoai tse Thuthuhang(SADP II), le ketekile Letsatsi la Naha la Limmaraka, ka morero oa ho bapatsa lihlahisoa tse fapakaneng tsa lihloai le ho hokahanya litšebeletso tsa temo le lihoai, Lebaleng la Lipitso, Maseru, ka la 27 Pherekhong monongoaha.

Ho ea ka Mongoli e Moholo oa Lekala la Temo le Kanetso ea Lijo, Monghali Moshe Mosase, esale e le taba-tabelo ea nako e telele ea ‘muso ka mafapha ohle a amehang ho bona hore lihlahisoa tsohle tsa Basotho li kena limmarakeng ka ho fapakana. A re lekala la habo ka Mafapha a Tlhahiso, Lipatlisiso, Litšebeletso tsa Masimong le ka SADP II, o leka ka mekhoa eohle ho matlafatsa temo. O re le boetse le tšoere ka thata ho rarolla qholotso e teng kahar’a naha ea tlhokahalo ea nama ea khoho.

A ipiletsa ho Basotho bohle ho tšehetsa bahlahisi ka ho reka lihlahisoa tsa bona. A boela a etsa tlhokomeliso ho bahlahisi ho ba le tšebelisano ‘moho le bareki, ka ho se behe litheko tse phahameng haholo lihlahisoeng tsa bona tse ka ba nyahamisang. Bahlahisi ka ho fapakana ho hlaha literekeng tse leshome tsa naha, ba bile teng ho tšoaea letsatsi lena le seng le tla ketekoa selemo le selemo, ka ho bapatsa lihlahisoa tsa bona le ho li rekisa ka litheko tse tlaase.

Vinkmag ad

Read Previous

Likereke li kenya letsoho

Read Next

La 1 Hlakola 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular