Vinkmag ad

Sephetho se theohile

Letona la Thuto le Koetliso, Prof. Ntoi Rapapa o phatlalalitse ka molao sephetho sa barutoana ba sehlopha sa LGSCE, moo a thoholelitseng le ho lebohela barutoana ba ipabotseng, ba Sekolo se Phahameng sa Leribe English Medium le Setereke sa Mafeteng kaha e le tsona tse ka holimo-limo lihlahlobong tsena naha ka bophara. Sephetho sena se phatlalalitsoe Setsing sa Boithapollo sa Lehakoe, Maseru ka la 17 Pherekhong monongoaha.

 Prof. Rapapa o supile hore sephetho sa selemo sa 2023 se theohile papisong le sa 2022  kaha sehlopha sa selemo sa 2023, e le sona sa pele moo ho nang le barutoana ba Grade 11 feela ba sa kenyeletsa le ba Form E joaloka ngoahola-kola.

Rapapa o bontšitse hore ka selemo sa 2023 ho bile le barutoana ba 18,335 ba ingoliselitseng lihlahlobo, ha ka selemo sa 2022 ba ne ba le 27,477, ‘me palo ena e ka tlaase ka 9,000 kaofela. A re lebaka ke hobane ho ne ho e-na le Grade 11 le Form E. A re barutoana ba ngotseng lihlahlobo ba 16,337 empa ba 1,998 ke ba sa ngolang feela ba ne ba se ba lefeletse lihlahlobo. A supa hore ke mosebetsi oa Lekala la Thuto le Koetliso le Lefapha la Lihlahlobo ho fumana mabaka a entseng hore ebe morutoana ka mong h’a ngola kaha ho sa lokele hore ho be le bana ba sallang morao litabeng tsa thuto, haholo-holo ha ba ne ba se ba lefeletse lihlahlobo.

H’a tsoelapele, Prof. Rapapa o itse matšoao ka kakaretso a lithuto tseo barutoana ba li pasitseng e bile 61,685 e leng 53%, ‘me li nyolohile papisong le ngoahola-kola kaha kakaretso e ne e le 47.3%. A re tšebetso ea barutoana lithutong tsa mantlha e leng Sesotho, Sekhooa, Lithuto tsa Mahlale le Lipalo, ho bonahetse hore Sesotho se nyolohile kaha se hlahile maemong a pele, bobeling ke Sekhooa, borarong ke Lithuto tsa Mahlale ha ea ho qetela e le Lipalo. A tiisa hore le ngoahola-kola barutoana ba ntse ba sa sebetsa hantle lithutong tsa Lipalo.

A boela a bontša hore ke barutoana ba leshome ba ipabotseng ka ho fumana linaleli tse tharo ho ea holimo ngoahola. A phethela ka ho phatlalatsa sephetho sena, ho latela tšebetso ea setereke ka seng, ‘me Setereke sa Mafeteng ke sona se ipabotseng ka ho hlaha boemong ba pele ka 57.6%, bobeling ke Qacha’s Nek ka 57.5%, borarong ke Leribe ka 56.1%, boneng ke Thaba-Tseka ka 55.1%, bohlanong ke Maseru ka 54.5%,  botšeleleng ke Mohale’s Hoek ka 53%, bosupeng ke Butha-Buthe ka 52%, borobeling ke Berea ka 48.6%, maemong a borobong ke Mokhotlong ka 41.4% ha sa ho qetela e le Quthing ka 38.1%.

A khothatsa ba sa atlehang ho feta lihlahlobong tsena kapa ba sa pasang hantle, ka hore mamello e tsoala katleho ba iphe matla ba tle ba tsebe ho sebetsa hantle lihlahlobong tsa monongoaha.

Vinkmag ad

Read Previous

‘Muso o fetohela litumellano-COLEPE

Read Next

LDF Ladies e ntse e li hula pele

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular