Vinkmag ad

Thuto ke tokelo-Rapapa

Letona la Thuto le Koetliso Prof. Ntoi Rapapa o re leha thuto e le tokelo ea motho ka mong ho ea ka Molao oa Motheo, empa Moralo oa Naha oa Ntšetsopele ona o lebeletse lekala la habo ho hlahisa likoankoetla tse nang le litsebo tse nepahetseng ho ba thusa ho itšebeletsa le ho kenya letsoho ntšetsopeleng ea naha. Tsena o li boletse ‘mokeng oa baphatlalatsi ba litaba, o neng o tšoaretsoe Ntlo-Kholo ea Lekala la Thuto, Maseru ka la 7 Pherekhong monongoaha.
O ile a beha baphatlalatsi leseling mabapi le letsatsi la la 29 Pherekhong, le tšoaetsoeng ho ba letsatsi la “Back to School” le ho phatlalatsa hore selemo sena se tšoailoe ke Mokhatlo oa Linaha tsa Afrika(AU) e le sa thuto.
Rapapa o itse ‘Mantaha oa la 29 Pherekhong, selemo le selemo o tšoaetsoe ho ba letsatsi la “Back to School” ka hona a etsa khopotso ho Basotho bohle, bahoebi le mekhatlo ho kenya letsoho ntlafatsong le kanetsong ea thuto ea boleng likolong tsa khetho ea bona ka mekhoa e fapakaneng. A etsa mohlala, ka ho nehelana ka liaparo tsa sekolo, libuka le mesangoana ea bohloeki.
A re tebello ke hore kamor’a letsatsi la la 29 Pherekhong, bohle ba tsoelepele ho kenya letsoho ho fihlela 2024 e kolumela, e le mokhoa oo Naha ea Lesotho e ikamahanyang le khoeheletso ea AU, ea ho ananela selemo sa 2024 e le se tšoaetsoeng thuto. A ipiletsa ho sechaba hore ho tloha ka khoeli ea Hlakola ho ea pele, se sebetse ‘moho le baokameli ba likolo le ba thuto literekeng, e le ho qoba tšitiso e ka bang teng ea boithuto ba bana.
O boetse a bontša hore boitlhopho ba lekala la habo boleleleng ba selemo sena ke ho atlehisa khoelehetso ea AU, ka ho kenyeletsa hara tse ling lenane-thuto la thuto ea likonyana likolong tsohle tse ngolisitsoeng le lekala, ‘me sena se tsamaellana le koetliso ea litichere tse rutang likonyana. Ho feta moo, e boele e be tlhopho ea lenane-thuto la lihlopha tsa Grade 1,2 le 3 e le ho ntlafatsa boleng ba thuto ho shebuoe litsebo tsa mantlha tsa ho bala le ho ngola.
A re sechaba sa Basotho ka mekhahlelo e fapakaneng ea sona se na le litebello ho Lekala la Thuto le Koetliso. “Litebello ho Lekala li ntse li e-hloa mekhoalaba, ‘me li susumetsoa ke liqholotso tseo sechaba se tobanang le tsona letsatsi le letsatsi.” A rialo. A bontša hore liqholotso tsena li kenyeletsa har’a tse ling bofuma, tlhokahalo ea mekhoa ea boipheliso, pheto-phetoho ea boemo ba leholimo, tšilafalo ea tikoloho, mehloli e qephang ea metsi, seoa sa mafu le boitšoaro bo qephang haholo ho bacha. A qetella ka hore lekala la habo le lebeletsoe ka matla a maholo ho phethahatsa thomo e fanoeng ke Molao oa Motheo, Moralo oa Naha oa Ntšetsopele le ho arabela litlhoko tsohle tsa sechaba.

Vinkmag ad

Read Previous

La 31 Pherekhong 2024

Read Next

‘Muso o fetohela litumellano-COLEPE

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular