Vinkmag ad

La 22 Pherekhong 2024

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Samuele. (5,1-7.10)

U tla Iisa sechaba sa ka sa Israele.

Matsatsing ao, Meloko eohle ea Israele ea tla ho Davida, Hebrone ea re: Rona le uena re ba mali a le mang. Le pele re sa le pusong ea Saule, e n’e le uena ea laolang mabotho a Israele. Le Morena o kile a re ho uena: ke uena ea tla Iisa sechaba sa ka sa Israele, u be moeta-pele oa Israele. Baholo bohle ba Israele ba tla Hebrone ho khosi. Khosi Davida a hlaba selekane le bona Hebrone, ka pele ho Morena; le bona ba tlotsa Davida, hore e be khosi ea Israele.

Davida o n’a le lilemo Ii mashome a mararo, ha a qala ho busa; ‘me a busa ka lilemo tse mashome a mane. A busa Juda lilemo tse supileng le khoeli tse tšeletseng, a le Hebrone. Kamorao a busa Israele kaofela le eona Juda lilemo tse mashome a mararo a metso e meraro, a le Jerusalema.

Khosi le batho ba eona ba futuhela Jerusalema, ho ea hlasela ba Jebuse ba neng ba ahile naheng eo. Ba-Jebuse ba re ho Davida: U ke ke ua kena mona; esita le lifofu kapa lihlotsa feela li ka u thiba. Hoo e n’e le ho bolela hore Davida a ke ke a kena moo, le khale. Empa leha ho le joalo, Davida a hapa qhobosheane ea Sione eo joale e tsejoang e le motse oa Davida.

Matla a Davida a ‘na a eketseha ho ea pele, ‘me Morena, Molimo oa makhotla o n’a e-na le eena.

PESALEMA 88 (2021-2225-26. v. 25)

‘Nete ea ka le mohau oa ka li tla mo thusa.

“Ke fumane Davida, mohlanka oa ka,

ka mo tlotsa ka oli e halalelang ea ka.

Ke tla mo tšehetsa ka letsoho la ka,

ke mo matlafatse ka sephaka sa ka.

 ‘Nete ea ka le mohau oa ka li tla mo thusa,

ka lebitso la ka o tla tsoha molota.

Ke tla namisa ‘muso oa hae ho ea kena leoatle,

le tsona linoka li be tlas’a puso ea hae.

O tla re ho ‘na: Ntate,

Molimo oa ka, lefika le mpholosang!

 ‘Me ‘na ke tla mo etsa letsibolo la ka,

le phahametseng likhosi tsohle tsa lefatše.     

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (3,22-30)

E se e le ho fela ha Satane

Ka nako eo, bangoli ba neng ba theohile Jerusalema ba ne ba re: O kenoe ke Beelzebule; hape: O Ieleka bademone ka morena oa bademone. Eitse hoba a ba biletse ho eena, a bua le bona ka papiso, a re:

Satane a ka Ieleka Satane joang na? ‘Muso o arohaneng ho itoantša, ke ‘muso o ke keng oa tiea. Le ntlo e arohaneng ho itoantša, ke ntlo e ke keng ea tiea. Joale, haeba Satane a emeletse ho itoantša, a ikarotse, a ke ke a tšoarella; e se e le ho fela ha hae. Ha ho motho ea ka kenang ka tlung ea seqhobane ho hapa thepa ea sona, ha a sa qale pele ka ho se tlama a nt’o hapa se ka tlung ea sona.

Ka ‘nete kea le bolella, bana ba batho ba tla tšoareloa libe le linyefolo tsohle tseo ba ka nyefolang ka tsona. Ha e le ea nyefolang Moea o Halalelang, a ke ke a fumana tšoarelo le ka mohla, empa o tla ba le molato oa sebe se sa feleng.

O n’a rialo, hobane ba ne ba re: o kenoe ke moea o litšila.

Vinkmag ad

Read Previous

La 20 Pherekhong 2024

Read Next

La 23 Pherekhong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular