Vinkmag ad

La 16 Pherekhong 2024

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Samuele. (16,1-13)

Samuele a tlotsa Davida a le har’a bana babo, ‘me moea oa Morena oa kena Davida.

Matsatsing ao, Morena a re ho Samuele: Tlatsa lenaka la hao oli, ‘me u tsamaee! Ke u roma ho Jesse oa Bethlehema, hobane ke ikhethetse khosi har’a bara ba hae. Samuele a re: Ke tla ea joang? Ha Saule a ka utloa, o tla mpolaea. Morena a re : E-ea u qhoba khongoana ea sethole u tl’u re: Ke tlil’o nyehela Morena sehlabelo. U tl’u memele Jesse sehlabelong. Ke ‘na ea tla u bontša seo u tla se etsa; u tla ntlotsetsa eo ke tla u supisa eena.

Samuele a etsa seo Morena a mo laetseng sona. Eitse ha a fihla Bethlehema, baholo ba motse ba mo khahlanyetsa, ba thothomela, ba re: Na u tlile ka tsa khotso? A re: Ke itletse ka tsa khotso ho nyehela Morena sehlabelo. Itlhoekisetseng ho ea sehlabelong le ‘na. Eaba o hloekisa Jesse le bara ba hae ‘me o ba memela sehlabelong.

Ha ba fihla, Samuele a bona Eliabe, a re: Ruri, motlotsuoa oa Morena ke enoa pel’a hae, empa Morena a re ho Samuele: U se ke ua talima tšobotsi ea hae, leha e le bophahamo ba seemo sa hae, hobane ke ‘meheletse ka thoko. Molimo ha a shebe ka mokhoa oa batho, motho eena o sheba bokantle, athe Morena eena o sheba pelo.

Eaba Jesse o bitsa Abinadabe, o mo hlahisa ka pele ho Samuele, ea ileng a re: Le eena enoa ha se eo Morena a mo khethileng. Ke ha Jesse a hlahisa Shamma, empa Samuele a re: Le eena enoa ha se eo Morena a mo khethileng. Jesse a hlahisa joalo bara ba hae ba supileng ka pele ho Samuele; empa Samuele a re ho Jesse: Morena ha a khetha le ea mong oa bana.

Joale Samuele a botsa Jesse, a re: Na ke phetho ea bana ba hao ba bahlankana? Eena a re: Ho sa na le e monyenyane, ea tsoileng le likhutšoane. Samuele a re ho Jesse: Romela, a latoe, hobane re ke ke ra lula ra ja, a e-s’o fihle. Jesse a romela hore a latoe. E n’e le mohlankana e mosootho, a le mahlo a matle, le sebopeho se khahlehang.

PESALEMA 88         (20,21-22. 27-28.

KE FUMANE DAVIDA MOHLANKA OA KA.

Ke fumane Davida, mohlanka oa ka,

ka mo tlotsa ka oli e halalelang ea ka.

Ke tla mo tšehetsa ka letsoho la ka,

ke mo matlafatse ka sephaka sa ka.

‘Nete ea ka le mohau oa ka li tla mo thusa

ka lebitso la ka o tla tsoha molota.

Ke tla namisa ‘muso oa hae ho ea kena leoatle,

le tsona linoka li be tlas’a puso ea hae.

O tla re ho ‘na: Ntate,

Molimo oa ka, lefika le mpholosang!

‘Me ‘na ke tla mo etsa letsibolo la ka,

le phahametseng likhosi tsohle tsa lefatše.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka.        (2,23-28)

Sabbatha se etselitsoe motho, ha se motho ea etselitsoeng Sabbatha.

Ha etsahala hore, ha Morena a feta har’a masimo a koro ka letsatsi la sabbatha, barutuoa ba hae ba qala ho kha liqoapi, ha ba ntse ba tsamaea. Bafarisi ba re ho eena: Hela, ke ka baka la’ng ha barutuoa ba hao ba etsa se sa lumelloang ka sabbatha?

A re ho bona: Ana ha le e-s’o ka le bala seo Davida a kileng a se etsa mohla a neng a le tsietsing ‘me a lapile, eena le bao a neng a e-na le bona? Hore o kile a kena ka tlung ea Molimo, ha Abiathare e le moprista e moholo, ‘me a ja mahobe a nyehelo, a sa lumelloeng ho jeoa ha e se ke baprista feela; a ba a fa le ba neng ba e-na le eena na?

‘Me a re ho bona: Sabbatha se etselitsoe motho, ha se motho ea etselitsoeng sabbatha. Ka baka leo Mor’a motho ke morena esita le oa sabbatha.

Vinkmag ad

Read Previous

 La 15 Pherekhong 2024

Read Next

La 17 Pherekhong 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular