Vinkmag ad

La 5 Pherekhong 2024

Labohlano

Ho baloa Lengolong Ia Pele Ia Moapostola Joannes.       (3,11-21)

“Re ntšitsoe lefung ho isoa bophelong hobane re rata bana babo rona.”

Baratuoa! Molaetsa oo le o utloileng e sa le qalehong, ke oa hore le ratane. Le se be joaloka Kaine, eo e bileng oa E mobe, a ba a fenetha ngoan’abo. O n’a ‘molaela’ng? Ke hobane mesebetsi ea hae e n’e le mebe, athe ea ngoan’abo e n’e lokile.

Le se ke Ia makala, bana beso, ha lefatše le le hloile. Rona re tseba hore re ntšitsoe lefung ho isoa bophelong, hobane re rata bana babo rona. Ea se nang lerato, o ntse a saletse lefung. Mang Ie mang ea hloileng ngoan’abo ke ‘molai; ‘me lea tseba ha ho ‘molai ea nang Ie bophelo bo sa feleng ka ho eena. Hoo re tsebileng lerato Ia Molimo ka hona, ke hobane eena a re teletse bophelo ba hae. Le rona re tšoanetse ho tella bana babo rona bophelo ba rona.

Ha motho ea nang Ie maruo a lefatše a bona ngoan’abo a hloka, empa a mo koalla pelo ea hae, lerato Ia Molimo le ka lula joang ho eena na? Bana ba ka ba banyenyane, re se ke ra rata ka mantsoe le ka leleme, e mpe e be ka liketso Ie ka ‘nete.

Ka tsela ena re tla tseba hore re ba ‘nete ‘me re tla khutsisa matsoalo a rona pel’a hae. Leha matsoalo a rona a ka re tsoa, Molimo o moholo ho feta matsoalo a röna ‘me o tseba tsohle. Baratuoa, ha matsoalo a röna a sa re tsoe, re ka ema ka tšepo pel’a Molimo.

PESALEMA 99                     (2.3.45.)

ETSETSANG MOLIMO LITLATSE, LONA MAFATŠE ‘OHLE.

Etsetsang Morena litlatse,

lona mafatše ‘ohle

tloong pel’a hae ka mehoo ea thabo

sebeletseng Morena ka nyakallo

Tsebang hore Morena ke eena Molimo,

ke eena ea re entseng ‘me re ba hae;

re sechaba sa hae

le mohlape oa makhulo a hae.

Kenang menyakong ea hae ka teboho,

le mabaleng a hae ka lithoko;

mo leboheng, le boke lebitso Ia hae.

Morena o molemo, mohau oa hae ke o sa feleng,

‘nete ea hae ke ea ka mehla le mehla,

le botšepehi ba hae ke ba meloko le meloko.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes.     (1,43-51)

“U Mor’a Molimo, u Morena oa Israele”.

Ka nako eo Jesu a rata ho ea Galilea, a teana le Filipi ‘me a re ho eena: Ntatele. Filipi e ne e le oa Bethsaida motse oa habo Andreas le Peterosi. Filipi a teana le Nathanael, ‘me a re ho eena: Re fumane eo ho ngoliloeng ka eena ke Moshe Molaong le ke Baprofeta. Ke Jesu, mor’a Josefa oa Nazaretha. Nathanael a re ho eena: Hleka ntho e molemo e ka hla ea tsoa Nazaretha. Filipi a re ho eena: Tloo, u bone.

 Jesu a bona Nathanael a e-tla ho eena, eaba o bua ka eena, o re: A le ke le boneng Mo-lsraele ea se nang mano. Nathanael a re ho Jesu: U ntsebella kae? Jesu a mo fetola, a re: Pele Filipi a u hoeletsa u le tlas’a sefate sa feiga, ke ne se ke u bone. Nathanael a mo fetola, a re: Morena, u Mor’a Molimo, u Morena oa Israele, Jesu a araba, a re: hobane ke itse ke u bone tlas’a sefate sa feiga ua lumela, u sa ntse u tla bona tse kholo. Eaba o re ho eena: Amen, amen, ke re ho lona, le tla bona leholimo le butsoe ‘me manyeloi a Molimo a theoha ho lona a oka-okela Mor’a motho.

Vinkmag ad

Read Previous

La 4 Pherekhong 2024

Read Next

La 6 Pherekhong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular