Vinkmag ad

La 4 Pherekhong 2024

Labone

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola   Joannes.       (3,7-10)

“Mang le mang ea tsoetsoeng ke Molimo ha a etse sebe”.

Bana ba ka ba banyenyane, ho se be motho ea le khelosang. Ea etsang se lokileng o lokile, joaloka ha eena Kriste a lokile. Ea etsang sebe ke oa diabolosi, hobane diabolosi ha e sa le a nts’a etsa sebe ho tloha qalehong. Seo Mor’a Molimo a se tletseng, ke hore a timetse mesebetsi ea diabolosi.

Mang le mang ea tsoetsoeng ke Molimo ha a etse sebe, hobane ke oa lesika la Molimo; o sitoa ho etsa sebe, hobane o tsoetsoe ke Molimo. Ho bonahatsang bao e leng bana ba Molimo le bao e leng bana ba diabolosi: mang le mang ea sa lokang, leha e le ea sa rateng ngoan’abo, ha se oa Molimo.

PESALEMA 97                       (1,7-8.9.)

LIQOLA TSOHLE TSA LEFATŠE Ll BONE PHOLOHO EA MORENA OA RONA.

Binelang Morena sefela se secha,

hobane o entse tse tsotehang.

O hlotse ka seatla sa hae,

ka letsoho le halalelang la hae.

Leoatle le ke le rore ‘moho le tsohle tse ka ho Iona,

lefatše le ba ahileng ho Iona.

Linoka li ke li ope liatla,

lithaba Ii ke Ii hlabe litlatse hammoho.

Li hlabe litlatse hammoho pel’a Morena,

hobane o tlil’o ahlola lefatše.

A ke a ahlole lefatše ka toka,

le lichaba ho se leeme.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsœng ke Joannes.       (1,35-42)

“Re fumane Messia.”

Ka nako eo, Joannes Mohlatsoi o n’a eme le barutuoa ba hae ba babeli. Eitse ha a sheba Jesu ea fetang, a re: Ke eo Konyana ea Molimo! Barutuoa ba babeli, ha ba mo utloa a rialo, ba be ba latela Jesu.

Eitse ha Jesu a reteleha ‘me a ba bona ba mo latela, a re ho bona: Le batla’ng na? Bona ba mo araba, ba re: Rabbi- ke ho re Moruti -u ahile kae na? A re ho bona: Tloong, le bone. Ba tla ‘me ba bona moo a ahileng teng, ‘me ba hlola letsatsi leo ha hae. E ne e le motšeare oa mantsiboea.

Andreas, ngoan’abo Simone Peterosi, e ne e le e mong oa ba babeli ba neng ba utloile Joannes ‘me ba latetseng Jesu. Kapele-pele eena a fumana Simone ngoan’abo, ‘me a re ho eena: Re fumane Messia, ke ho re Kriste, ha ho fetoleloa. A mo tlisa ho Jesu. Jesu, ha a mo talima, a re: U Simone mor’a Joannes; u tla bitsoa Kefas, ke ho re Peterosi, Lefika.

Vinkmag ad

Read Previous

La 3 Pherekhong 2024

Read Next

La 5 Pherekhong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular