Vinkmag ad

La 3 Pherekhong 2024

Laboraro

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola  Joannes. 2,29-3,6

“Mang le mang ea etsang toka o tsoetsoe ke Molimo.”

Baratuoa, ha le tsebile hore Molimo o lokile, tsebang le teng hore mang le mang ea etsa toka o tsoetsoe ke eena. A ke le boneng boholo ba lerato leo Molimo Ntate a re ratileng ka lona, hore re bitsoe bana ba Molimo, re hlile re le bona. Ha lefatše le sa re tsebe tjena, ke kahobane ha lea ka la mo tseba.

Baratuoa, re se re le bana ba Molimo joale. Empa tseba hore mohla se bonahatsoang, re tla tšoana le eena kahobane re tla ‘mona kamoo a leng kateng.

PESALEMA 97                    (1.3-4.5-6)

LIQOLA TSOHLE TSA LEFATŠE Ll BONE PHOLOHO EA MORENA OA RONA.

Binelang Morena sefela se secha,

hobane o entse tse tsotehang.

O hlotse ka seatla sa hae,

ka letsoho le halalelang la hae.

Liqola tsohle tsa lefatše

li bone pholoho ea Morena oa rona.

Lona mafatše ‘ohle, etsetsang Morena litlatse,

hlasimolohang ke thabo, le mo roke ka lifela.

Binelang Morena ka harepa,

ka harepa le ka ‘mino.

Ka meletso ea literompeta le ea liphala,

etsetsang Morena Molimo litlatse.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngoetsoeng ke Joannes.    (1,29-34)

“Ke eo Konyana ea Molimo”

Ka nako eo, Joannes Mohlatsoi a bona Jesu a e-tla ho eena, ‘me a re: Ke eo Konyana ea Molimo, ke eo ea tlosang libe tsa lefatše! Ke eena eo ke neng ke bua ka eena, ha ke ne ke re: Ka morao ho ‘na ho tla ba monna, ea ka holimo ho ‘na, hobane o bile teng pele ho ‘na. ‘Me ‘na ke ne ke sa mo tsebe, leha ke tlile ho hlatsoa ka metsi, hore a tle a bonahatsoe Israeleng.

‘Me Joannes a hlahisa bopaki, a re: Ke bone Moea o theoha leholimong joaloka leeba, o ba o lula holim’a hae. ‘Me ‘na ke ne ke sa mo tsebe, empa ea nthomileng ho hlatsoa ka metsi o n’a itse ho ‘na: Eo u tla bona Moea o theoha ‘me o lula holim’a hae, ke eena ea hlatsoang ka Moea o Halalelang. Joale, ‘na ke bone ‘me ke pakile hore enoa ke Mora oa Molimo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 2 Pherekhong 2024

Read Next

La 4 Pherekhong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular