Vinkmag ad

La 2 Pherekhong 2024

Labobeli

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Joannes. (2,22-28)

“Seo le se utloileng ho tloha qalehong se hle se lule ka ho lona.”

Baratuoa! Ea leshano ke ofe, ha e se ea latolang hore Jesu ke Kriste? Eo ke sera sa Kriste o latola Ntate le Mora. Mang le mang ea latolang Mora, ha a na Ntate; ea ananelang Mora, o na le Ntate.

Lona, seo le se utloileng ho tloha qalong se lula ka ho lona, le lona le tla lula ka ho Mora le ho Ntate. Ke ena pallo eo eena a re baletseng eona: bophelo bo sa feleng. Tsena ke le ngoletse tsona malokana le bao ba le khelosang.

Ha e le lona, Moea oo le o amohetseng ho eena o hle o lule ka ho lona. Ka hoo ha le hloke ho rutoa ke motho. Ere ka ha Moea oa hae o le rutile tsohle, ‘me o na le ‘nete o se leshano, lulang ho eena, joaloka ha o le rutile.

Bana ba ka ba banyenyane, lulang ho eena nakong ea joale, e tle ere mohla a hlahang, re be le tšepo e tiileng, ‘me re se ke ra ba lihlong pel’a hae, ha a e-tla.

PESALEMA 97                     (1.2-3.34.

LIQOLA TSOHLE TSA LEFATŠE LI BONE PHOLOHO EA MORENA OA RONA.

Binelang Morena sefela se secha,

hobane o entse tse tsotehang.

O hlotse ka seatla sa hae,

ka letsoho le halalelang la hae,

Morena o bontšitse pholoho ea hae,

o bonahalitse toka ea hae mahlong a lichaba.

O ikhopolitse mohau le botšepehi ba hae

bakeng la ntlo ea Israele.

Liqola tsohle tsa lefatše

Li bone pholoho ea Morena oa rona.

 Lona mafatše ohle, etsetsang Morena litlatse,

hlasimolohang ke thabo, le mo roke ka lifela.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes.       (1,19-28)

“Ho teng har’a lona, ea tlang ho tla ka morao ho ‘na.”

Ke bona bopaki ba Joannes, ba mohla Bajodi ba Jerusalema ba rometseng baprista le Balevi ho eena, ho tla ‘motsa, ba re: Hantle-ntle ehlile ke uena mang? A se ke a hana ho araba, a mpa a bolela pepenene, a re: ‘Na ha ke Kriste.

Eaba ba ‘motsa, ba re: Ha ho le joalo, u mang? Ana u Elia? ‘me a re: Ha ke eena. Na ke uena Moprofeta? ‘Me a araba, a re: Che. Joale ba re ho eena: Ke uena mang? U hlile u itlhalosa joang, re tle re isetse ba re rommeng karabo? U re’ng ka uena na?

A re: ‘Na ke lentsoe la ea hooang feelleng, le re: Otlollang tsela ea Morena, joaloka ha ho boletse Moprofeta Isaia. Ba neng ba ronngoe e ne e le ba sehlopha sa Bafarisi. Ba ‘motsa hape, ba re ho eena: Ha ho le joalo, u hlatsoa ka baka la’ng, haeba u se Kriste, leha e le Elia kapa Moprofeta na?

Joannes a ba araba, a re: ‘Na ke hlatsoa ka metsi. Ho teng har’a lona eo le sa mo tsebeng, ea tlang ho tla ka morao ho ‘na, eo ke sa tšoaneleng ho lokolla maqhoele a meqathatso ea hae.

Tsena li etsahetse Bethania, mose ho Jordane, moo Joannes a neng a hlatsoa teng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 1 Pherekhong 2024

Read Next

La 3 Pherekhong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular