Vinkmag ad

Banana ba entela mofetše

Lekala la Bophelo ka tsebelisano ‘moho le Mokhatlo oa Machaba oa Lithuso Baneng (UNICEF), o tsoile letšolo ho entela, bana ba banana ba lilemo li robong ho isa ho tse 15 lefu la mofetše oa molomo oa popelo,  tikolohong ea Thota-Moli ka la 14 Tšitoe 2023.

Mofetše ona o hlalosoa ke Ofisiri ea UNICEF, Mofumahali Malume Mohale o le kotsi haholo ha feela bana ba banana ba ke keng ba o entela ba sa le lilemong tse tlaase. O re liphuputso li bontša hore bana ba entelang HPV ba le lilemong tse tlaase ba na le monyetla o holimo oa hore ba se ke ba fumana tšoaetso, e leng eona e bakang mofetše oa molomo oa popelo. Batsoali ba khothaletsoa ho isa bana kentelong ea thibelo ea lefu lena molemong oa bophelo bo botle ba ngoana. Liente tsena ke mahala ha ho lefshoe letho.

Vinkmag ad

Read Previous

Vodacom e ntlafatsa thuto

Read Next

Sepolesa se phatlalatsa meralo

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular