Vinkmag ad

Vodacom e ntlafatsa thuto

Pinki Manong Mokoena, lebitsong la Mookameli oa Vodacom Foundation, o re thuto ke ntho e kholo e reretsoeng ho fana ka leseli ka hona Vodacom Foundation  e tsoile letšolo ho tšehetsa litsi tsohle tse fanang ka thuto ho bana ba nang le bokooa ‘moho le ba khoebong. O boletse tsena, ka la 4 Tšitoe monongoaha.

O re ba bone ho le bohlokoa ho fana ka tšehetso likolong tsa bana ba nang le bokooa e le hore ba tsebe ho hola, ba kene sekolo ba phutholohile joaloka ba bang. O re hona ke ho ikamahanya le liphetoho tse teng kahare ho thuto ea bana ba Basotho e kenyeletsang bana bohle.

O bontša hore ba sebetsa ‘moho ka tšehetso ea mekhatlo ea batho ba nang le bokooa ‘moho le ‘Muso oa Lesotho, ‘me ba se ba tšehelitse setsi  sa bana ba nang le bokooa ka lithusa-thuto ho tlatsetsa thutong ea bona.

A re ba boetse ba kenya letsoho Sekolong sa St. Paul School  for the deaf hore ba thusoe ka likomporo tsa boleng le ho thusa bana ba seng ba phethetse lihlopha tsa bona  Likolong tse Phahameng, ho tsoela ka ntle ho naha ho ea intlafatsa litabeng tsa boetapele le lithutong tsa mahlale le lipalo.

O itse ba fane ka lithusa-thuto tse bolokang lentsoe (voice recorder) lipene tse bolokang lentsoe le ho bona se ngotsoeng (see pen), tse tl’o thusa baithuti Likolong tse Phahameng ho bala libuka le ho nka  mantsoe a buoang hobane ba hlokometse hore  boholo ba baithuti ba nang le bokooa ba haelloa ke lisebelisoa ‘me ba salla morao nakong eo ba rutoang.

O hlalosa thepa ena e le ea boleng ba M 310, 000.00, ‘me ke takatso ea bona hore baithuti ba se nang bokooa   ba tsamaee leeto le tšoanang la thuto le ba nang le bokooa. O lebohile batho bohle ba fanang ka  tšehetso ho batho ba nang le bokooa kaha ba angoa le ke mefuta e fapakaneng  ea tlhekefetso.

E mong oa baithuti ea nang le bokooa ba pono, Refuoehape Sesinyi, ea uneng molemo Setsing se Ntlafalitsoeng ke Vodacom (Insight Centre State Library) e le se sebelisoang ke batho ba nang le bokooa ho ithuta, o itse  litšebeletso tseo ho fanoang ka tsona ho thusa batho ba nang le bokooa  hore ba  fumane litaba, ke ho fetolela lisebelisoa  mongolong oa ‘brail’ le lisebelisoa tsa marang-rang  tse ntlafalitsoeng ho ithuta  ka menyetla e teng sebakeng sa bona.

O re o qalile ho sebelisa setsi ka selemo sa 2021 ‘me o atlehile ho fumana tšehetso ho Vodacom Foundation ka ho ithuta libakeng tse fapakaneng, ka hona o se a fumana lintho tsa bohlokoa le lithupelo tse ‘maloa litabeng tsa boetapele.

A bontša hore ka tšehetso ea Vodacom Foundation  o atlehile ho leba United State of America ho ntšetsa lithuto tsa hae pele litabeng tsa  batho ba nang le bokooa ‘me o se a fumane monyetla oa mosebetsi hona Vodacom  Foundation, ka hoo Vodacom e fetotse bophelo ba hae.

Moemeli oa  Mokhatlo oa Lithuso Baneng,  Deepak Bhaskaran, o supile hore ke boitlamo ba linaha le batho bohle ho sireletsa litokelo tsa mantlha tsa batho ba nang le bokooa. A bontša ha qholotso e kholo e tobaneng le batho bana e le khaello ea khiro mesebetsing, thuto e sa ba kenyeletseng le tikoloho e sa arabeleng litlhoko tsa bona. A re ba ntse ba sebetsa ‘moho le  Lekala  la Thuto le Koetliso ho aha leano la thuto e kenyeletsang bohle, le ho koetlisa litichere ka tšebeliso ea  lisebelisoa tsa marang-rang  e tla tsoela molemo bana ba nang le bokooa likolong.

O itse ha ba qala leeto lena ba batla ho etsa bonnete ba hore merero eohle ea bona e kenyeletsa bana ba nang le bokooa kaha ho se ngoana ea loketseng ho salla  morao litabeng tsa thuto.

Vinkmag ad

Read Previous

La 30 Tšitoe 2023

Read Next

Banana ba entela mofetše

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular