Vinkmag ad

La 29 Tšitoe 2023

Labohlano

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Joannes. (2,3-11)

“Ea ratang ngoan’abo o lutse leseling.”

Baratuoa, hoo re tsebang ka hona hore re tsebile Jesu ke ha eba re boloka melao ea hae. Ea reng o mo tsebile, a sa boloke melao ea hae, o leshano ‘me ‘nete ha e eo ho eena. Empa ea bolokang lentsoe la hae, lerato la Molimo le phethehile ka ho eena ruri. Ka hona re tseba hore re ho eena. Ea reng o lutse ho eena o tšoanetse ho phela kamoo eena a phetseng kateng.

Baratuoa, ha ke le ngolle molao o mocha, empa ke molao oa khale, oo le bileng le oona ho tloha qalong. Molao ona oa khale ke lentsoe leo le seng le le utloile. Ka nqa e ‘ngoe molao oo ke le ngollang oona o mocha, hobane o phethahalitsoe ho Kriste le ho lona, ka ha lefifi le fetile, ‘me leseli la ‘nete le se le khanya. Ea reng o leseling, empa a hloile ngoan’abo, o nts’a le lefifing le ho fihlela joale.

Ea ratang ngoan’abo o lutse leseling, ‘me ho eena ha ho lejoe la khopiso. Empa ea hloileng ngoan’abo o lefifing, o tsamaea lefifing, ‘me ha a tsebe moo a eang teng, hobane lefifi le mo foufalitse mahlo.

PESALEMA 95                 (1-22-35-6. 3.11)

MAHOLIMO A KE A THABE, LE LEFATŠE LE NYAKALLE.

Binelang Morena sefela se secha.

binelang Morena, lona mafatše ‘ohle.

Tumisang pholoho ea hae ka matsatsi ‘ohle.

le bolele letlotlo la hae har’a lichaba,

le mesebetsi e tsotehang ea hae har’a merabe eohle.

Morena ke eena ea entseng maholimo.

Khanya le letlotlo li pel’a hae;

matla le botle li sehalalelong sa hae.

Lona lichaba ka mefuta,

ananelang Morena,

ananelang letlotlo le matla a Morena

ananelang letlotlo le lokelang lebitso la Morena.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (2,2-35)

“Leseli la ho bonesetsa lichaba”.

Ha matsatsi a hloekiso ea Maria a phethahetse ka ho ea ka molao oa Moshe, ba isa Jesu Jerusalema, hore ba mo hlahise ho Morena, joaloka ha ho ngoliloe molaong oa Morena, ho thoe: Letsibolo le leng le le leng le letona le tla talingoa e le le khethetsoeng Morena; le hore ba fane ka sehlabo sa maebana-khoroana a mabeli kapa malinyane a mabeli a maebana, kamoo ho boletsoeng kateng molaong oa Morena.

‘Me ho n’o le teng Jerusalema monna ea bitsoang Simeone. Motho eo ea lokileng ‘me ea tšabang Molimo o n’a lebeletse tšeliso ea Israele, ‘me Moea o Halalelang o n’o le ka ho eena. O n’a senoletsoe ke Moea o Halalelang hore a ke ke a bona lefu, a e-s’o bone Kriste oa Morena. O ile a susumeletsoa ke Moea ho tla Tempeleng; ‘me eare ha batsoali ba tlisa ngoana Jesu ho phethahatsa molao mabapi le eena, Simeone a mo sika ‘me a boka Morena, a re: Joale, Morena, lokolla mohlanka oa hao a ikele ka khotso, ho ea ka polelo ea hao hobane mahlo a ka a bone pholoho eo u e lokisitseng pontšeng ea lichaba tsohle leseli la ho bonesetsa lichaba, letlotlo la sechaba sa hao sa Israele.

Ntat’a le ‘m’a ngoana ba ne ba makalla tse neng li boleloa ka eena. Simeone a ba hlohonolofatsa, ‘me a re ho Maria, ‘m’ae: Bona, ngoana enoa o behetsoe ho oa le ho tsoha ha ba bangata Israeleng, le ho ba ponts’o e tlang ho hanyetsoa, ha e le uena, Ierumo le tla hlaba moea oa hao e le hore ho tle ho senoloe mehopolo ea lipelo tse ngata.

Vinkmag ad

Read Previous

La 28 Tšitoe 2023

Read Next

La 30 Tšitoe 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular