Laboraro
MOKETE OA JOANNES EA HALALELANG
Moapostola le Mo-evangelista
Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Joannes. (1,14)
“Re le tsebisa seo re se boneng le seo re se utloileng.”
Baratuoa! Re bolela se neng se le teng ho tloha tšimolohong, seo re se utloileng, seo re se boneng ka mahlo a rona, seo re se bohileng ‘me matsoho a rona a se ammeng, sa Lentsoe la bophelo. Ha bophelo boo bo bonahatsoa, ra bo bona; ka hona rea bo paka, ‘me re le tsebisa bophelo bo sa feleng bo neng bo le teng ho Ntate ‘me bo re hlahetseng. Re le tsebisa seo re se boneng le seo re se utloileng, hore le lona le be le rona, ‘me kopano ea rona e be le Ntate le Mora oa hae Jesu Kriste. Re le ngolla tsena hore le thabe ‘me thabo ea löna e tlale.
Pesalema 96 (1-2.5-6.11-12.12)
LONA BA LOKILENG, ITHABELENG KA MORENA.
Morena ke khosi, lefatšeng le ke le nyakalle,
le tsona Iihleke-hleke tsohle li thabe.
O potiloe ke maru a matšo-matšo,
toka le molao ke motheo oa terone ea hae.
Lithaba li qhibiliha joaloka boka
pel’a Morena oa lefatše lohle.
Maholimo a phatlalatsa toka ea hae,
‘me lichaba tsohle li bona letlotlo la hae.
Ea lokileng, o chabeloa ke leseli,
thabo e hasanngoa har’a ba pelo li ntle
Iôna ba lokileng ithabeleng ka Morena,
‘me le boke lebitso le halalelang la hae.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (20,2-8)
“Morutuoa eo e mong a siea Peterosi a ba a fihla lebitleng pele.”
Tsatsing le qalang beke, Maria Magdalena a ea lebitleng e sa le ka meso, ho sa le mara. A bona hore lejoe le tlositsoe lebitleng. Eaba o mathela ho Simone Peterosi le ho morutuoa e mong ea ratoang ke Jesu, ‘me a re ho bona: Ba tlositse Morena lebitleng, ‘me ha re tsebe moo ba ‘mehileng teng.
Ke ha Peterosi a tloseletsa le morutuoa eo e mong, ba leba lebitleng. Bobeli ba bona ba matha, empa morutuoa eo e mong a siea Peterosi a ba a fihla lebitleng pele. A inama, a bona masela fatše, empa a se ke a kena.
Simone Peterosi, ea neng a mo latela, le eena a fihla. A kena ka lebitleng, ‘me a bona masela ao fatše, hammoho le lesela le neng le mo koahetse hlooho; Iona le ne le se har’a a mang, empa le ne le phuthiloe le inotši kathoko.
Joale morutuoa eo e mong, ea neng a fihlile lebitleng pele, le eena a kena kahare. A bona ‘me a lumela.
