Vinkmag ad

La 23 Tšitoe 2023

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Malakia  (3,1-4.23-24)

Ke tla le romela moprofeta Elia pele letsatsi la Morena le hlaha.

Ke sena seo Morena Molimo a se bolelang: Bonang, ke romela leqosa la ka, le tla lokisa tsela ka pel’a ka. ‘Me hang Morena eo le ‘matlang o tla kena tempeleng ea hae. Leqosa la selekane leo le le lakatsang, ke leo, le e-tla, ho rialo Morena oa makhotla.

Ke mang ea ka phelang mohla letsatsi la ho tla ha hae? Ke mang ea ka emang a tiile, ha a hlaha? Hobane o joaloka mollo o hloekisang, ‘me o joaloka sesepa sa lihlatsoi.

O tla lula fatše joaloka ea qhibilihisang ‘me ea hloekisang silvera; o tla hloekisa bara ba Levi, a ba tšeke joaloka gauda le silvera, ba tle ba hlahisetse Morena nyehelo ka tšoanelo. Ke moo nyehelo ea Juda le ea Jerusalema e tla khahla Morena joaloka mehleng e fetileng le mengoaheng ea boholo-holo.

Ke tla le romela moprofeta oa ka Elia, pele letsatsi la Morena le fihla, letsatsi leo le leholo, le tšabehang. O tla retelletsa pelo tsa bo-ntata ho bara, a reteletse tsa bara ho bo-ntat’a bona, esere ka tla timetsa naha ena la qetello.

PESALEMA 24    (4-5.8-10.14. 21, 28)

RAOHANG LE PHAHAMISE LIHLOOHO TSA LONA, HOBANE TOPOLLO EA LONA E HAUFI.

Mpontše ‘mila oa hao, Morena, u nthute litsela tsa hao.

U ntataise ‘neteng ea hao ‘me u nthute,

hobane ke uena Molimo mopholosi oa ka.

Morena o molemo ‘me o lokile;

ka baka lena o khutlisetsa baetsalibe tseleng.

O tataisetsa ba eisehang ho lokeng

‘me o ruta ba fokolang tsela ea hae.

Litsela tsohle tsa Morena ke tsa mohau le ‘nete

ho ba bolokang selekane le litaelo tsohle tsa hae.

Morena ke motsoalle oa ba mo tšabang;

o ba senolela selekane sa hae.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka.   (1,57-66)

  Tsoalo ea Johannes Mohlatsoi.

Nako ea Elisabetha ea ho itšihlolla ha e se e fihlile, a beleha mora. Baahisani le bang ka eena, ha ba utloa hore Morena o bonahalitse mohau oa hae ho eena, ba ea ho mo lebohela.

Ha etsahala hore, ka letsatsi la boroba meno e ‘meli, ba tle ho tla bolotsa ngoana. Ba ne ba batla ho mo rehella ka ntat’ae Zakaria. Empa ‘m’ae a araba, a re: Che! O tla bitsoa Joannes. Ba re ho eena: Ha ho motho lelokong la heno ea bitsoang joalo.

Eaba ba tšoantšetsa ntat’ae hore na a ka rata hore a bitsoe mang. Eena a kopa letlapa, a ngola, a re: Joannes ke lebitso la hae! ‘Me bohle ba makala.

Hang molomo oa hae oa buleha, leleme la hae la lokoloha, ‘me o n’a bua, a boka Molimo. Ke moo baahisani bohle ba ileng ba tšoaroa ke tšabo, ‘me litaba tseo kaofela tsa phatlalla hohle maloting a Judea. Bohle ba neng ba li utloa ba ipolokela tsona ka lipelong tsa bona, ba re: Ekaba ngoana eo e tla ba eng na? Efela letsoho la Morena le ne le le ho eena.

Vinkmag ad

Read Previous

La 22 Tšitoe 2023

Read Next

La 26 T’sitoe 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular