Laboraro
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (7,10-14)
“Moroetsana o tla emola.”
Matsatsing ao, Morena a boela a bua le Akhaze, a re ho eena “lkopele pontšo ho Morena Molimo oa hao, e ka ba e hlahang tlase-tlase, Qalong-ea-bafu, kapa e tsoang holimo-limo.” Empa Akhaze a fetola, a re: “Ha ke na ho kopa, nke ke ka leka Morena.”
Ke ha Isaia a re: “Mamelang joale, lona ba ntlo ea Davida. Hleka ha lea khotsofala ke ho khathatsa batho, ha e le moo le khathatsa le Molimo oa ka? Ka baka leo, Morena ka bo eena o tla le fa pontšo: moroetsana o tla emola, a belehe mora, ‘me a mo rehe lebitso la “Emmanuele,” ke hore: “Molimo o na le rona.”
Pesalema 23(1-6. 7.10)
Morena a ke a kene: ke eena Khosi e tlotlehang
Lefatše ke la Morena le tsohle tse ho Iona
lefatše le baahi ba Iona.
O n’a le thehe holim’a maoatle,
a le tiisa holim’a maliba.
Ke mang ea ka nyolohelang thabeng ea Morena,
ke mang ea ka emang qalong e halalelang ea hae?
Ke ea se nang mali matsohong,
ea pelo e hloekileng.
Enoa ke eena ea tla fumana mahlohonolo ho Morena,
ea tla ahloleloa ke Molimo, mopholosi oa hae.
O joalo moloko oa ba mo batlang.
oa ba batlang ho hlaha pel’a hao.
uena Molimo oa Jakobo.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka.(1,26-38)
“Bona, u tla emola popelong, u belehe mora.”
Khoeling ea botšelela, lenyeloi Gabriele la romeloa ke Molimo motseng oa Galilea o bitsoang Nazaretha, ho Movirigo ea neng a qetsoe ke monna ea bitsoang Josefa, oa ntlo ea Davida. Lebitso la Movirigo e ne e le Maria.
Lenyeloi la fihla ho eena, la re: Ahe, ea tlotliloeng haholo, Morena o na le uena; u lehlohonolo har’a basali. A ferekanngoa ke lentsoe lena, ‘me a ipotsa hore na tumeliso ena e bolela’ng.
Eaba lenyeloi le re ho eena: Se tšohe Maria, hobane u fumane mohau ho Molimo. Bona, u tla emola popelong, u belehe mora, ‘me u tla mo reha lebitso la Jesu. O tla ba moholo, a bitsoe Mora oa Ea holimo-limo. Morena Molimo o tla mo neha terone ea Davida ntat’ae; o tla rena holim’a ntlo ea Jakobo ka bosafeleng, ‘me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.
Maria a re ho lenyeloi: Hoo ho tla etsahala joang, ha e le moo ke sa tsebe monna? Lenyeloi la araba, la re ho eena: Moea o halalelang o tla theohela ho uena, ‘me matla a Ea holimo-limo a tla u haeletsa. Ka baka leo Ea halalelang ea tla belehuoa ke uena o tla bitsoa Mora oa Molimo. Le eena Elizabetha, mohaeno, o emotse mora botsofaling ba hae, ‘me ena ke khoeli ea botšelela ho eo ea neng a bitsoa nyopa; hobane ha ho letho le ka sitang Molimo.
Ke ha Maria a re: ke ‘na enoa lekhabunyane la Morena; ha ho ke ho etsoe ho ‘na ka ho ea ka polelo ea hao. ‘Me lenyeloi la mo siea.
