Vinkmag ad

La 19 Tšitoe 2023

Labobeli

Ho baloa bukeng ea Baahloli (13,2-724-25)

Tsoalo ea Samsone e tsebisoa e sa le pele ke lenyeloi.

Ho n’o le teng monna, letsoalloa la Tsorea, oa leloko la Dane, ea bitsoang Manoah. Mosali oa hae e ne e le nyopa, a se na bana. Lenyeloi la Morena la iponahatsa ho mosali eo, la re ho eena: Ke ‘nete, u nyopa, ha u na bana; empa u tla emola, u belehe mora. Ho tloha joale, hlokomela u se noe veine leha e le seno se tahang, kapa hona ho ja eng le eng e sa hloekang. Hobane u tla emola, u belehe mora; lehare ha le ka ke la ‘meola hlooho, kaha moshanyana eo é tla ba mokhethuoa oa Molimo, a sa le popelong. Ke eena ea tla qala ho pholosa Israele matsohong a ba-Filista.

Eaba mosali o bolella monna oa hae, o re: Ho tsoa fihla ho ‘na monna oa Molimo, a le bopeho se kang sa lenyeloi la Molimo ka ho tšabeha. Ha kea ka ka ‘motsa moo a tsoang teng, le eena ha a ka a mpolella lebitso la hae. O itse ho ‘na: U tla emola, u belehe mora. Ho tloha joale, u se ke ua noa veine, leha e le seno se tahang, kapa hona ho ja eng le eng e sa hloe-kang, kaha moshanyana e tla ba mokhethoa oa Molimo, ho tloha a sa le popelong ho isa tsatsing la lefu la hae.

Mosali eo a beleha mora, eo a ileng a mo reha lebitso la Samsone. Moshanyana a ‘na a ikholela hantle, Morena a ntse a mo hlohonolofatsa, le moea oa Morena oa qala ho mo tsamaisa.

Pesalema 70 (3-6.16-17. 8)

Molomo oa ka o tletse thoriso ea hao, le tlotliso ea hao letsatsi lohle.

U be lefika leo ke itšireletsang ka lona,

qhobosheane eo ke tla pholoha ho eona;

efela ke uena lefika la ka le qhobosheane ea ka;

Molimo oa ka, ak’u ntše liatleng tsa ea khopo.

Morena, ke uena tšepo ea ka,

Molimo, u bile setšehetso sa ka ho tloha bocheng ba ka.

Ke itšetlehile ka uena ho tloha tlhahong ea ka,

u bile mosireletsi oa ka ho tloha popelong ea ‘mé.

Joale ke pheta liketso tsa bonatla ba hao, Morena,

ke ikhopotsa ho loka hoo e leng hoa hao u inotši.

Molimo oa ka, u nthutile ho tloha bocheng ba ka,

ke phatlalalitse mesebetsi e tsotehang ea hao

ho fihlela kajeno.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka.      (1,5-25)

Tsoalo ea Joannes Mohlatsoi e tsebisoa ke Gabriel e sa le pele.

Mehleng ea Heroda, Morena oa Judea, ho ne ho le teng moprista e mong ea bitsoang Zakaria, oa sehlopha sa Abia. Mosali oa hae e ne e le oa barali ba Aarone. Lebitso la hae e ne e le Elizabetha. Bobeli ba bona ba ne ba lokile pel’a Molimo, ba tsamaea ka melao eohle le litaelo tsohle tsa Morena, ho se moo ba nyatsehang. Empa ba ne ba se na mora, kahobane Elizabetha e ne e le nyopa, ‘me bobeli ba bona ba ne ba se ba holile.

Ha etsahala hore, ha Zakaria a phetha tšebeletso ea boprista pel’a Molimo, ka nako ea sehlopha sa habo a ntšoa ka lotho, ho ea ka moetlo oa boprista, hore a kene sanctuaring ea Morena ho chesa moarubelo. ‘Me bongata bohle

ba sechaba bo ne bo le kantle, bo rapela ka nako ea moarubelo. Eaba lenyeloi la Morena le hlaha ho eena, le eme ka lehlakoreng le letona la aletare ea moarubelo. Ha Zakaria a le bona, a ferekana, ‘me a oeloa ke tšabo.

Eaba lenyeloi le re ho eena: Se tšohe Zakaria, hobane thapelo ea hao e utloahetse. Mosali oa hao Elizabetha o tla u tsoalla mora. U tla mo reha lebitso la Joannes; u tla thaba, u nyakalle, ‘me ba bangata ba tla thabela tsoalo ea hae. Hobane o tla ba moholo mahlong a Morena; a ke ke a noa veine, leha e le seno se tahang; o tla tlala Moea o Halalelang a sa le popelong ea ‘m’ae, ‘me o tla sokollela bana ba bangata ba Israele ho Morena Molimo oa bona. Ke eena ea tla mo etella pele ka moea le matla a Elia, a tle a khutlisetse lipelo tsa bo-ntata ho bana ba bona, le ba sa lumelang bohlaleng ba ba Iokileng, e le hore a lokisetse Morena sechaba se phethehileng.

Zakaria a re ho lenyeloi: Ke tla tseba ka’ng taba eo na? Hobane ‘na ke se ke holile, le mosali oa ka o tsofetse. Lenyeloi la araba, la re ho eena: Ke ‘na Gabriele ea emang pel’a Molimo, ‘me ke romiloe ho bua le uena le ho u bolella litaba tsena tse monate. ‘Me bona, u tla ba semumu ‘me u tla sitoa ho bua ho fihlela letsatsi leo tsena li tla etsahala ka lona, kahobane ha ua ka ua lumela lipolelo tsa ka, tse tlang ho phethahala ka nako ea tsona.

Sechaba se ne se lebeletse Zakaria, ‘me se maketse ha a liehile ka Tempeleng. Empa eitse ha a tsoile, a sitoa ho bua le bona, ‘me ba utloisisa hore o bone pono ea mohlolo ka Tempeleng. Le eena o n’a ba tšoantšetsa, ‘me a sala e le semumu.

‘Me ha etsahala hore ha matsatsi a tšebeletso ea hae  a phethahetse, a ikele tlung ea hae. Ka morao ho matsatsi ao, Elisabetha, mosali oa hae, a emola, ‘me a ipata ka Iikhoeli tse hlano, a re: Ke seo Molimo a nketselitseng sona, matsatsing ao a ntalimileng ka ‘ona, hore a tlose sekhobo sa ka har’a batho.

Vinkmag ad

Read Previous

La 18 Tšitoe 2023

Read Next

La 20 Tšitoe 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular