Vinkmag ad

La 15 Tšitoe 2023

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia       (48,17-19)

“Hoja ua ela litaelo tsa ka hloko!”

Ke sena se boleloang ke Morena, molopolli oa hao, Ea halalelang oa Israele: Ke ‘na Morena, Molimo oa hao ea u rutang se u tsoelang molemo, ea u tsamaisang tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.

Hoja ua ela litaelo tsa ka hloko, khotso ea hao e ka be e ka noka e tletseng, le ho loka ha hao ho ka be ho ka maqhubu a leoatle; lesika la hao le ka be le ka lehlabathe, litloholo tsa hao li ka be li ka liqoba tsa lona, lebitso la hao le ka be le sa tl’o hlakoloa, leha e le ho felisoa pel’a ka.

PESALEMA 1                 (1-4.6. 8,12)

EA U LATELANG, MORENA, O TLA BA LE LESELI LA BOPHELO.

Ho lehlohonolo motho

ea sa lateleng keletso ea ba khopo,

ea sa beheng le leoto tseleng ea baetsalibe,

ea sa luleng mokhatlong oa basomi ;

empa e le ea khahloang ke molao oa Morena,

ea inahanang ka molao oo nyene le bosiu.

O ka sefate se hlonngoeng pel’a mehloli ea metsi,

se behang litholoana ka nako ea teng,

seo mahlaku a sona a sa poneng.

mesebetsi eohle ea hae ea atleha.

Ha se ntho e tšoanang le ho ba khopo,

bona ba kang ‘moko o fefoloang ke moea ;

hobane Morena o tseba tsela ea ba lokileng,

athe tsela ea ba khopo ea timetsa.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus.   (11,16-19)

Ha ba mamele leha e le Joannes Mohlatsoi, leha e le Mor’a motho.

Ka nako eo, Jesu a re ho matšoele: Joale ke tla tšoantša moloko ona ka’ng? O tšoana le bana ba lutseng mapatlelong, ba hoeletsa ba bang ba re: Re ile ra le letsetsa makolilo, empa ha lea ka la etsa chao; re ile ra le binela koli-ea-malla, empa ha lea ka la lla!

Efela Joannes o ile a tla a sa je, a sa noe, eaba ho thoe: o na le modemone. Mor’a motho o tlile a e-ja, a e-noa, eaba ho thoe: Motho enoa ke monyollo le senoi sa veine, motsoalle oa bakhafisi le oa baetsalibe! Empa bohlale ba Molimo bo pakoa ke mesebetsi ea bona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 14 Tšitoe 2023

Read Next

La 16 Tšitoe 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular