Vinkmag ad

La 14 Tšitoe 2023

Labone

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia  (41,13-20)

“Ke molopolli oa hao, ‘na, Ea halalelang oa Israele.”

‘Na Morena, ke Molimo oa hao, ke tšoara letsoho la hao, ke re ho uena: Se tšabe, kea u thusa. Se tšabe Jakobo, uena sebokonyana, Israele, uena kokoanyana. Ke ‘na mothusi oa hao, ho rialo Morena; molopolli oa hao ke Ea halalelang oa Israele. Bona ke tla u etsa selei se polang, se secha, se mela e ‘meli ea meno, u tl’u pole lithaba ‘me u Ii thuhe, u fetole maralla ‘moko. U tla Ii olosa, moea o Ii fefole, setsokotsane se Ii hasanye; empa uena u tla ithabela ka Morena, u ithorise ka Ea halalelang oa Israele. Ha ba eisehang le bahloki ba batla metsi, ba sa a fumane, maleme a bona a omeletse ke lenyora, ‘na Morena, ke tla ba utloa, ‘na Molimo oa Israele, nke ke ka ba lahla. Ke tla phunya linoka lihlabeng tse lehoatata, le liliba har’a liphula; ke fetole lefeella mekhoabo, le lefatše le omeletseng e be liliba tsa metsi.

Feelleng ke tla lema sefate sa kedare le sa leoka, sa mirte le sa mohloare; lehoatateng ke leme sefate sa junipera, e mele ‘moho le phaena le cipreses e le hore batho ba bone ‘me ba tsebe, ba elelloe ‘me ba utloisise hore ke letsoho la Morena le entseng tsena, ke Ea halalelang oa Israele ea li bopileng.

PESALEMA 144       (1.9-13. 8)

MORENA O MOHAU, O MOSA, O LIEHA HO HALEFA, O MEHAUHELO E MENGATA.

Ke tla u phafa, Molimo oa ka, uena khosi,

ke boke lebitso la hao ka mehla le mehla.

Morena o molemo ho bohle,

o hauhela mesebetsi eohle ea hae.

Morena, mesebetsi ea hao kaofela e ke e u lebohe,

metsoalle ea hao e ke e u boke.

E ke e phatlalatse tlötla ea puso ea hao,

e ke e bolele matla a hao,

ho tsebisa bana ba batho matla a hao,

letlotlo le boturno ba puso ea hao.

Morena o tšepahala lipolelong tsohle tsa hae,

o mohau liketsong tsohle tsa hae.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus.      (11,11-15)

“Ha ho e-s’o hlahe ea fetang Joannes Mohlatsoi ka boholo.”

Ka nako eo, Jesu a re ho matšoele: Ruri kea le bolella, har’a ba tsoetsoeng ke basali ha ho e-s’o ka ho hlaha ea fetang Joannes Mohlatsoi ka boholo; athe e monyenyane ‘Musong oa maholimo o mo feta ka boholo.

‘Me ho tloha mehleng ea Joannes Mohlatsoi ho fihlela joale, ‘Muso oa maholimo o fumanoa ka ntoa, ‘me ke ba loanang ba o hapang. Efela baprofeta bohle ba profetile joalo, ‘moho le Molao, ho fihlela Joannes; ‘me ha le rata ho nkholoa, ke eena Elia ea tšoanetseng ho tla. Ea nang le litsebe a utloe!

Vinkmag ad

Read Previous

La 13 Tšitoe 2023

Read Next

La 15 Tšitoe 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular