Vinkmag ad

Seoli o nyahlatsa bopresident

Eo e neng e le President ea Sehlopha sa Bolo ea Maoto sa Swallows, Monghali Mosa Seoli o tlohetse,  a kokomala setulo se hlamatsehang sa boemo bo holimo kahara sehlopha sa ho ba Molula-Setulo oa Boto e ncha e tlilo tsamaisa sehlopha, libeke li se kae pele ho chechisoa papali ea Swallows le Mahlaseli e neng lokela ho bapaloa ka Moqebelo oa la 25 Pulungoana monongoaha.

Puisanong le Moeletsi oa Basotho ka la 27 Pulungoana 2023, Monghali Seoli o itse kamora ho hlokomela mathata a tjametsoeng ke sehlopha a tlhokahalo ea litšehetso tsa lichelete le ho se tsitsi ha sehlopha liking e le ‘ngoe, ba ile ba lula fatše e le botsamaisi ho fumanela boemo bona tharollo ea moshoelella.

O re ba bile ntsoeleng hore ho theha Boto e tlil’o boptjoa ka mafapha ohle a sechaba a teng tikolohong ea Mazenod, a kenyeletsang har’a a mang, boemeli ba marena, bahoebi, liakhente le boemeli ba Kopano ea Maoblata kaha sehlopha sena se thehiloe ke bona. A re o ile a khetheloa ho ba Molula-Setulo oa Boto ena a tlosoa tšebetsong ea hae ea letsatsi ka leng eo a ntseng a etsa ea bopresident.

A re tebello ke hore bonyane kamor’a nako e sa feliseng pelo, Boto ena e be e thehiloe.  A re sekheo sa hae se koetsoe ke Benghali Nkhahle Nkhahle a tlatsitsoe ke Lechaba Setjeo. A re Boto ena e tlilo thusa hore ho be le botsitso kahare ho sehlopha, tsamaisong le ho fumana botšehetsi ba lichelete. A tiisa hore sena se tla thusa bafani ho ba le tšepo e kholo ea ho tsetela lichelete tsa bona kahare ho sehlopha kaha boto ena e tla be e bopiloe ka batho ba baholo sechabeng.

A re e boetse e tlilo thusa marena a tikoloho ea Mazenod ho ela hloko hore ke ka lipapali feela ba ka tsebang ho phutha bana ho ba ‘moho, e le hoba qobisa litlolo tsa molao. “Lipapali ke tsona feela tse ka sebelisoang e le sebetsa se ka ntšang litlolo tsa molao ka metso.” O boletse joalo a bile a eketsa ka hore Boto ena e ncha e tlil’o thusa ho etsa meralo ea nako e telele, e le ho holisa le ho matlafatsa sehlopha. A tiisa hore ha e na ho kena-kenana le mosebetsi oa letsatsi oa sehlopha, empa eona e tlilo sebetsa ‘moho le Komiti e Kholo ea Sehlopha, ho bona hore se fumana botšehetsi le hore se tsitse liking e le ‘ngoe.

Vinkmag ad

Read Previous

Kopano e etsa nalane

Read Next

       La 1 Tšitoe 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular