Vinkmag ad

Kopano e etsa nalane

Kopano ea Cecilia ea Halalelang ea Parish ea Maria Mofumahali oa Lefatše, Mazenod e ketekile mokete oa Cecilia ea Halalelang, o neng o tšoaretsoe hona Parishing ka la 22 Pulungoana 2022. Ke hona moo e tšoahileng bakokoti ba bararo, ba tlang ho apesoa bekeng e tlang ‘mishoneng oa St. David, TY.

Sehlabelo se Halalelang sa ‘Missa sa mokete ona o etseng nalane kahare ho kopano, ka ho keteka ka ho tšoaea bakokoti, se ne se eteletsoepele ke Mong’a Parish Fr. Patrick Khoaele OMI a tlatsitsoe ke Rameeea oa Kopano ea Cecilia Boemong ba Naha Fr. Mojao Innocent Phangoa OMI. Khothatsong ea hae o bontšitse hore Macecilia a lokela hoba baitokisetsi joaloka Mohalaleli Cecilia, haeba ba ikemiselitse ho thusa Kereke litabeng tsa ‘mino. Mookameli oa Kopano ea Cecilia, Monghali Michael Mohapi o lebohile bohle le ho ba lakaletsa katleho le mahlohonolo. A supa hore ke lekhetlo la pele hore ebe moketeng ona ho tšoauoa bakokoti ‘me sena ke tlotla e kholo eo ba tlotlisang mokete ona ka eona.

Vinkmag ad

Read Previous

LLWDSP III e tšoara thupelo

Read Next

Seoli o nyahlatsa bopresident

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular