Vinkmag ad

La 27 Pulungoana 2023

Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Daniel (1,1-6.8-20)

“Ha hoa ka ha fumonoa ea t’soanang le Daniel, Hanania, Mishaele le Azaria.”

Ka selemo sa boraro sa puso ea Jehoiakime, khosi ea Juda, Nebukadnezare, khosi ea Babilone, a tla Jerusalema ho e patela. Morena a akhela Jehoiakime, khosi ea Juda liatleng tsa Nebukadnezare, ‘moho le karolo e ‘ngoe ea thepa ea Tempele ea Molimo. Nebukadnezare a e isa naheng ea Shineare, tempeleng ea molimo oa hae; a kenya thepa eo tlung ea polokelo ea molimo oa hae.

Khosi ea laela Ashpenaze, hloho ea bahlanka ba hae, hore a mo tlisetse ba bang ba bana ba Israele, ba leloko Ia borena le ba lesika Ia mahosana, e be bahlankana ba se nang sepha, ba batle mahlong, ba tletseng bohlale, ba tsebang tse ngata, ba kelello e seli, ba ka lokelang ho ba basebeletsi tlung ea borena, e le hore ba tle ba rutoe puo le mangolo a ba-Kaldea.

Khosi ea laela hore, tsatsi le leng le le leng, ba fuoe karolo e itseng ea lijo le veine tse tsoang tafoleng ea borena. Ba ne ba lokela ho rupeloa joalo lilemo tse tharo, kamorao ba qale ho sebeletsa khosi.

Har’a bona ho n’o e-na le bana ba bang ba Juda, e leng Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria. Hloho ea bahlanka ea ba reha mabitso a macha: Daniele ea ‘mitsa Belteshazzare; Hanania, Shadrake; Mishaele, Meshake; le Azaria, Abede-Nego.

Joale Daniele a ikemisetsa ho se itšilafatse ka lijo Ie veine tse tsoang tafoleng ea borena, ‘me a köpa ho hloho ea bahlanka tumello ea ho se itšilafatse. Molimo a etsa hore Daniele a khahlehe ‘me a fumane mohau ho hloho ea bahlanka. Empa leha ho le joalo, ea re ho Daniele: “Ke tšaba mong’a ka, khosi, ea laetseng seo le tla se ja le ho se noa. Ha a ka bona lifahleho tsa löna li sosobane ho feta tsa bahlankana ba bang bao e leng lithaka tsa löna, ke tla lefa ka hloho ea ka.”

Eaba Daniele o re ho molebeli ea neng a behiloe ke hloho ea bahlanka ho hlokomela Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria: “Ak’u leke bahlanka ba hao matsatsi a leshome: re ke re fuoe meroho le metsi feela; kamorao u bapise lifahleho tsa rona le lifahleho tsa bahlankana ba jang lijo tsa borena, ebe u etsa ka bahlanka ba hao kamoo u bonang kateng”.

Molebeli a amohela köpo ea bona, a ba leka matsatsi a leshome. Qetellong ea matsatsi a leshome, ba ne ba shebahala ba phela hantle ‘me ba nonne   ho feta bahlankana ba bang, ba neng ba e-ja lijo tsa borena.

Ho tloha nakong eo, molebeli a tsoela pele ho se ba fe lijo tseo ba neng ba laetsoe ho li ja le veine eo ba neng ba lokela ho e noa, ‘me a ba fa meroho feela.

Molimo a sitsa bahlankana bao ba bane ka tsebo Ie kutloisiso ea libuka le ea mahlale ‘ohle. Ha e le Daniele eena, o n’a e-na le neho ea ho hlalosa lipono le litoro tsa mefuta eohle.

Eitse hoba ho fete nako ea koetliso e neng e behiloe ke khosi, hloho ea bahlanka ea hlahisa bahlanka pel’a Nebukadnezare. Khosi ea buisana le bona, ‘me har’a bona kaofela ha hoa ka ha fumanoa ea tšoanang le Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria. Joale ba qala ho sebeletsa khosi. Ka mehla khosi e n’e ba botsa tabeng efe kapa efe e hlokang bohlale le tsebo, o n’a fumana ba feta ha leshome linohe le bo-ngakana-ntšonyana bohle ba ‘muso oohle oa eona.

Pesalema  (3, 52-56. 52)

U rorisoe ‘me u phafshoe ka bosafeleng

U bokoe, Morena, Molimo oa bo-ntat’a rona,

u rorisoe ‘me u phafshoe ka bosafeleng.

Ho bokoe lebitso Ia hao

le tlotlisehang ‘me Ie halalelang

le rorisoe haholo ‘me le phafshoe ka bosafeleng.

U bokoe Tempeleng ea letlötlo le halalelang Ia hao,

u rorisoe haholo ‘me u phafshoe ka bosafeleng,

U bokoe u le teroneng ea ‘muso oa hao,

u rorisoe ‘me u phafshoe ka bosafeleng.

U bokoe, uena ea talimang maliba,

ea lutseng holim’a likerubime,

u rorisoe ‘me u tlotlisoe ka bosafeleng.

U bokoe, Morena, leholimong le tiileng Ia hao,

u rorisoe ‘me u tlötlisoe ka bosafeleng.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka       (21 ,1-4)

“A bona mohlolohali ea futsanehileng a akhela licheletenyana tse peli tsa koporo.”
Ka nako eo, ha Jesu a talima, a bona barui ba akhelang limpho tsa bona polokelong ea Tempele. A bona le mohlolohali e mong ea futsanehileng a akhela licheletenyana tse peli tsa koporo.

Jesu a re: Ruri kea le bolella, mohlolohali enoa ea futsanehileng o akhetse haholo ho feta bohle. Hobane bana kaofela ba nyehetse seo ba se nkileng boruing ba bona, athe eena o nyehetse seo a se nkileng bofutsaneng ba hae, tsohle tseo a nang le tsona tsa ho phela.

Vinkmag ad

Read Previous

La 25 Pulungoana 2023

Read Next

La 28 Pulungoana 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular