Vinkmag ad

La 23 Pulungoana 2023

Labone

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Bo-Makabea. (2,15-16)

“Re tla latela selekane sa bo-ntat’a rona.”

Matsatsing ao, maqosa a Khosi a neng a qobella batho ho koeneha a fihla motseng oa Modine ho nyehela mahlabelo. Ba-lsraele ba bangata ba tla ho ‘ona, empa Mattathiase le bara ba hae ba itšehla thajana.

Eaba maqosa a khosi aa bua, a re: ‘ ‘U morena ea tummeng ‘me ea matla motseng ona ‘me u tšehelitsoe ke bara Ie bana beno. Ka hona, ha ho atamele uena pele, u phethe taelo ea khosi, joaloka ha lichaba tsohle li se li entse hammoho le banna ba Juda Ie ba setseng Jerusalema; ‘me uena le bara ba hao Ie tla balelloa har’a metsoalle ea khosi; uena le bara ba hao, le tla tlötloa ka limpho tsa silvera le gauda le tse ling tse ngata.”

 Empa Mattathiase a araba ka lentsoe le phefa, a re: “Leha lichaba tsohle tse tlas’a puso ea khosi li e mamela hoo li koenehelang tšebeletso ea habo tsona, leha li ikhethela ho tsamaea ka melao ea eona, röna Ie bara ba ka le bana beso, re tla latela selekane sa bo-ntat’a röna.

   Molimo a re thuse re se furalle Molao le litšoanelo! Re ke ke ra mamela litaelo tsa khosi ‘me ra khelosoa tšebeletso ea habo röna ka tsela efe kapa efe”. Hang hoba a qete ho bua joalo, monna e mong oa Mo-Juda a hlahella ka pele, bohle ba ‘mona, ho nyehela sehlabelo aletareng e neng e Ie Modine, ka ho ea ka taelo ea khosi. Ha Mattathiase a bona hona, a kenoa ke cheseho e tsotehang, a fela pelo, a ba a tlokoma ke khalefo e halalelang, a rutloloha, a ‘molaela holim’a aletare.

Ka oona motsotso oo a bolaea le motho oa khosi ea neng a qobella batho ho nyehela mahlabelo a ba a heletsa le aletare fatše. Mattathiase o n’a chesehella molao, joaloka Finease ea ileng a bolaea Zimri, mor’a Salu. Eaba o hooa ka lentsoe le phefa har’a motse o re : “Mang le mang ea chesehellang molao ‘me ea emelang selekane a ntšale morao”!

Mattathiase le bara ba hae ba balehela lithabeng ba siile tsohle tseo ba neng ba e-na le tsona motseng. Joale ba bangata ba neng ba batla ho phela ka mokhoa o lokileng ‘me o tšoanelehang ba theohela lehoatateng ho ea aha hona teng.

Pesalema 49(1-2.5-6.14-15. v. 23)

Ea tsamaeang tseleng ea ‘nete ke tla ‘montša pholoho ea Molimo.

Morena Molimo ea matla ‘ohle oa bua,

o epa pitso ea lefatše lohle,

ho tloha Bochabela ho isa Bophirima.

Molimo o tla iponahatsa a le Sione,

motse o botle bo phethehileng.

Mphutheleng metsoalle ea ka,

e tiisitseng selekane le ‘na ka sehlabelo.

Maholimo a phatlalatsa toka ea hae,

hobane Molimo ke eena moahloli.

Sehlabelo sa hao ho Molimo e be teboho,

u phethe likano tsa hao ho Ea holimo-limo.

Hoeletsa ho ‘na tsatsing Ia matšoenyeho,

ke tla u pholosa, ‘me uena u tl’u ntlotlise.

 Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (19,41-44)      

“Hoja u tsebile tseo e ka bang khotso ho uena!”

Ka nako eo, eitse ha Jesu a atamela Jerusalema, ‘me a bona motse, a o Ilela, a re: Hoja ka letsatsi lena la hao, u tsebile le uena, tseo e ka bang tsa khotso ho uena! Empa joale li u siretse. Hobane matsatsi a tla u oela holimo, ao ka ‘ona lira tsa hao li tla u lika-liketsa ka lengope, li u teela hare, li u patise ka nqa tsohle. Li tla u lihela fatše le bana ba hao ba leng ho uena; ‘me li ke ke tsa sia lejoe holim’a le leng ho uena, hobane ha ua ka ua tseba nako ea ketelo ea hao.

Vinkmag ad

Read Previous

La 22 Pulungoana 2023

Read Next

La 24 Pulungoana 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular