Vinkmag ad

La 21 Pulungoana 2023

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Bo-Makabea. (6, 18-31)

“Ka ho shoa senna, ke tla siela moloko o mocha sesupiso sa bonatla, ka baka la melao e halalelang.”

Matsatsing ao, Eleazare, e mong oa baruti ba ka sehlohong ba Molao, motho ea neng a se a holile, ea tšobotsi e ntlehali, a qobelloa ho ahlama hore a je nama ea kolobe.

Empa eena, ka ho rata ho shoa lefu le tlotlehang ho e-na le ho phela bophelo bo silafetseng, a ikisa ka boeena qalong ea tlhokofatso, hoba a tšoele se neng se se se le ka hanong joaloka ha e ne e le tšoanelo; hobane e ne e ka khona motho a be sebete ho lahla se sa lumelloang ho jeoa esitana le ka lebaka la ho rata ho pholosa bophelo.

Ba neng ba lokisitse lijo tsena tse hananang le molao, ka ha ba mo tsebeletse khale, ba mo nkela ka thoko; ba mo khothaletsa hore a tlisetsoe nama, e lumeletsoeng ho jeoa, e s’e ntše lokisitsoe ke eena, a tle a etse sa mokana a ja nama ea mahlabelo, joaloka ha khosi e laetse. Ka ho etsa joalo, o n’a tla qoba lefu ‘me a etsetsoe mohau ka baka la setsoalle sa khale sa bona le eena.

Empa Eleazare a ikhethela tsela e khabane, e tšoanelang lilemo tsa hae, ho hlompheha ha boqheku ba hae le moriri oa hae o moputsoa oo a o fihletseng ka makhethe, tsela e lumellanang le metsamao e metlehali e ipakahalitseng ho tloha bonyenyaneng, e leng haholo-holo tsela e lumellanang le molao o halalelang oa Molimo. Ke ka hona a ileng a araba ka ho re a ka mpa a liheloa hang-hang Qalong-ea-bafu.

“Boiketsiso ha bo tšoanele lilemo tsa röna”, a rialo. Boholo ba moloko o mocha bo ka tšoha bo kholoa hore Eleazare o sokolohetse meetlong ea sehetene a le lemo li mashome a robong. Ha nka ka iketsisa ka baka la metsotsoana e ntšaletseng ea bophelo, e ka ba ho khelosa batho bana, ebile e ka ba ho silafatsa le ho tlontlolla boqheku ba ka.

Leha eba ha joale nka phema kot!o ea batho, nke ke ka phonyoha liatleng tsa Ea-matla ‘ohle ke phela kapa ke shoele. Ka baka lena, ka ho shoa senna, ke tla ipakahatsa hore ke ne ke lokela ho hola, ke be ke siele moloko o mocha sesupiso sa bonatla ka ho shoa lefu le letle, ka boithatelo le ka sebete, ka baka la melao e hlomphehang ‘me e halalelang”.

Hoba a rialo, a phakisa a leba qalong ea tlhokofatso. Ba neng ba mo qhobe!a teng e leng bao pejana ba neng ba mo utloela bohloko, joale ba mo fetohela hampe ka baka la seo a qetang ho se bolela, ba hopola le hore o fapane hlooho.

Eitse ha Eleazare a s’a le lekhatheng la lefu ke liphafa, a lumaela, a re: “Ho totobetse ho Morena ea nang le tsebo e halalelang hore ke utloa mahloko a tšabehang ‘meleng oa ka ka baka la ho shapuoa, leha ke ne nka phonyoha lefu; ho bile tjena ho falla ha monna enoa. Ka lefu la hae a siela e seng moloko o mocha feela, empa le sechaba ka kakaretso, sesupiso sa bonatla le khopotso ea bokhabane.

PESALEMA 3  (2-7. 6)

Morena o’a ntšehetsa.

Morena, lira tsa ka li ngata hakaakang,

ba bangata hakaakang ba ikemiselitseng ho ntoant’sa!

Ba bangata hakaakang ba reng ka ‘na

“Ha ho pholoho eo a ka e fumanang ho Molirno

  Athe, uena Morena, u thebe e nqobeletsang;

ke ithorisa ka uena, uena ea ntsosang molota.

Ke hoeletsa ho Morena ka Ientsoe le phefa,

‘me eena o nkaraba

a ntša le thabeng e halalelang ea hae.

Kea ithoballa, ke khalehe,

ke be ke itsohele, hobane Morena oa ntšehetsa.

Nke ke ka tsaba letho,

esita leha likete-kete tsa batho

li ntlhahile ka mahohle.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka.(19,1-10)

“Mor’a motho o tlile ho batla le ho pholosa se neng se lahlehile.”

 Ka nako eo, eare hoba Jesu a kene Jeriko, eaba o feta har’a motse. Joale monna ke eo, ea bitsoang Zakea, hloho ea bakhafisi, eo e neng e Ie morui. O n’a batla ho bona hore na Jesu ke mang; empa o n’a sitoa ka baka Ia letšoele, hoba o n’a le mokhutšoanyane seemong.

Eaba o mathela pele, a hloella sefateng sa sikomora a tle a ‘mone, ka ha a n’a tla feta teng. Eare ha Jesu a fihla qalong eo, a lelaletsa mahlo holimo, a re ho eena: Zakea, potlaka u theohe, hobane e ka khona ke fapohele ka tlung ea hao kajeno lena. Eena a theoha ka potlako, ‘me a mo amohela ka thabo. Bohle, ha ba bona, ba koma-koma, ba re: O fapohetse ha monna oa moetsalibe.

Empa Zakea a ema, a re ho Morena: Bona, Morena, ke fa mafutsana karolo ea bobeli ea lintho tsa ka; ‘me ha ke fumane ho hong ho motho ka qhekello, ke ee ke ‘museletse hane. Jesu a re ho eena: Kajeno pholoho e hlahetse ntlo ena, hobane le eena enoa ke mor’a Abrahama. Efela Mor’a motho o tlile ho batla Ie ho pholosa se neng se lahlehile.

Vinkmag ad

Read Previous

La 20 Pulungoana 2023

Read Next

La 22 Pulungoana 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular