Vinkmag ad

La 18 Pulungoana 2023

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Bohlale. (18.14-16;19,6-9)

“Leoatleng le Lefubelu ha buleha tsela, ba thala joaloka likonyana.”

Ha tsohle li aparetsoe ke khutso e tletseng, le bosiu bo boholo bo se bo fetile ka lebelo, Lentsoe le matla-‘ohle la hao la theoha setulong sa borena leholimong, la tsubellela holim’a naha e soto, joaloka mohlabani ea sa qeneheleng letho, le nkile taelo e sa thekeseleng ea hao seka sabole e bohale. La ema, la tlatsa lefu kahohle, la thetsa leholimo le ntse le hatile fatše.

Libopuoa tsohle, ka mefuta ea tsona, tsa boptjoa bocha ho latela taelo tsa hao, e le hore bana ba hao ba qobeletsoe kotsing. Ha bonoa leru le sirelelitse liahelo ka moriti oa lona, mobu o ommeng o hlaha moo metsi a neng a le teng pele. Leoatleng le Lefubelu ha buleha tsela, le sekhutlo sa joang sa e-ba moo maqhubu a neng a palamana.

Ke moo ba neng ba sirelelitsoe ke seatla sa hao ba ileng ba tšela teng e le sechaba se le seng, ba bone limakatso ‘me ba hlolloa. Ba ne ba ka lipere tse isoang makhulong, ba thala joaloka likonyana, ba ntse ba u rorisa, uena Morena ea ba namoletseng.

 

PESALEMA 104        (2-3.36-37.42-43. 5)

SE LEBALENG TSE TSOTEHANG TSEO MORENA A Ll ENTSENG.

KAPA:

ALLELUIA

 Binelang Morena, le mo roke,

le inahane ka tsohle tse tsotehang tsa hae.

Ithoriseng ka lebitso le halalelang la hae,

lipelo tsa ba batlang Morena li ke li thabe.       

A bolaea matsibolo ‘ohle a naha ea lira,

bana ba pele ba mala a tsona.

A nts’a sechaba sa hae se nkile silvera le gauda,

ho se le ea mong ea tšeremang melokong ea sona.

Hobane o n’a hopotse kano e halalelang ea hae

ho Abrahama, mohlanka oa hae.

A nts’a sechaba sa hae se thabile,

le bakhethuoa ba hae ba nyakaletse.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka.(18, 1-8)

“Molimo o tla ahlolela bakhethuoa ba hae ba hooang ho eena.”

Ka nako eo, Jesu a bolella barutuoa ba hae papiso, e ba bontšang hore ba tšoanetse ho rapela ka mehla, ba se ke ba khathala. A re:

Ho ne ho le teng motseng o itseng moahloli ea sa ts’abeng Molimo, ‘me ea sa reng letho ka motho. Motseng oo ho ne ho le teng mohlolohali e mong ea neng a ntse a e-tla ho eena, a re: U nkahlolele ho eo re tsekisanang le eena. Moahloli a hana ka nako e telele. Empa qetelloł a re ka ho eena: Leha ke sa tšabe Molimo ‘me ke sa re letho ka motho, mohlolohali enoa oa nkhathatsa. Ke tla mo ahlolela ka baka leo, e se re a ntuba hloho ka ho tla ka mehla.

Morena a eketsa a re: Utloang seo moahloli ea khopo a se bolelang! Ana Molimo a ke ke a ahlolela bakhethuoa ba hae ba höoang ho eena nyene le bosiu? Na o tla ba liehela? Kea le bolella, o tla ba ahlolela kapele-pe!e. Empa mohla Mor’a motho a tlang, na le hopola hore o tla fumana tumelo lefatšeng?

Vinkmag ad

Read Previous

La 17 Pulungoana 2023

Read Next

Bo bolaisa 34Millione ea LEC leino

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular