Vinkmag ad

La 17 Pulungoana 2023

Labohlano

Elizabeth ea halalelang oa Hungaria (Sehopotso)

 Ho baloa Bukeng ea Bohlale.  (13,1-9)

“Ba neng ba ka phenyekolla lintho tsohle, ke’ng ha ba sa ka ba fumana Morena oa tsena kaofela e sa le pele?”

Batho bohle ba sa kang ba tseba Molimo e n’e le lithoto ka tlhaho, bao ka lintho tse molemo tse bonoang ba ileng ba sitoa ho tseba Ea leng teng, leha e le ho ela hloko Moetsi, ha ba ntse ba sheba mesebetsi ea hae.

Empa mollo, moea o fokang sebakeng, selika-likoe sa linaleli, metsi a roalellaneng, kapa maseli a leholimo, ke tsona tseo ba hopotseng hore ke melimo e busang lefatše lohle. Ha eba ba li nkile e le melimo ka baka Ia ho khahloa ke botle ba tsona, ba ke ba tsebe hore Morena oa tsona o li feta hole, hobane ea li bopileng ke eena mohloli oa botle.

Ha eba ba hloletsoe ke matla le mesebetsi ea tsona, ba ke ba ithute ka tsona hore ea li entseng o li feta hole ka matla. Hobane boholo le botle ba libopuoa bo re thusa ho tšoantša seo ‘Mopi a leng sona.

Leha ho le joalo, batho bana ba ke ke ba nyatsuoa haholo, hobane mohlomong ba lahlehile ba ntse ba batla Molimo ‘me ba lakatsa ho mo fumana. Ere ka ha ba phela har’a mesebetsi ea hae, eo ba lekang ho e hlahloba, ba hohetsoe ke seo ba se talimang, hobane tseo ba li bonang ke tse ntlehali.

Empa le teng ba ke ke ba t’soareloa ka ho tlala, hobane ha eba ba ne ba e-na le tsebo e kaalo, hoo ba neng ba ka phenyekolla lintho tsohle, ke’ng ha ba sa ka ba fumana Morena oa tsena kaofela e sa le pele?

PESALEMA 18

 MAHOLIMO A PHATLALATSA LETLOTLO LA  MOLIMO.

 Maholimo a bolela letlötlo la Molimo,

‘me sebaka sa maholimo se phatlalatsa

mosebetsi oa liatla tsa hae.

Matsatsi a joetsana taba eo,               

masiu a neheletsana tsebo eo,

Ntle le puo, ntle le lipolelo,

ntle le molumo oa lentsoe.

Empa seo li se bolelang

se phatlalla le lefatše lohle,

molaetsa oa tsona o finyella

le pheletsong tsa lefatše.

 Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (17,26-37)

 “Ho tla ba joalo letsatsing leo Mor’a motho a tla bonahatsoa ka lona.”

 Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Joaloka ha ho ne ho etsahale mehleng ea Noe, ho ba joalo le mehleng ea Mor’a motho. Batho ba ne ba e-ja, ba e-noa, ba nyalana, ho fihlela letsatsi leo Noe a kenang arekeng ka lona, ‘me moroallo oa tla, oa ba timetsa kaofela.

‘Me ho tla ba joaloka ha ho ne ho le mehleng ea Lota. Batho ba ne ba e-ja ‘me ba e-noa, ba reka ‘me ba rekisa, ba lema ‘me ba aha; empa ka letsatsi leo Lota a tsoileng Sodoma ka lona, Molimo a nesa mollo le sebabole tse tsoang leholimong ‘me tsa ba timetsa bohle. Ho tla ba joalo letsatsing leo Mor’a motho a tla bonahatsoa ka lona.

Ka letsatsi leo, ea tla ba holim’a ntlo, liphahlo tsa hae li le ka tlung, a se ke a theoha ho ea li nka; ‘me ea tla ba naheng, le eena a se ke a khutlela morao. Hopolang mosali oa Lota. Mang le mang ea tla batla ho pholosa bophelo ba hae bo tla mo lahlehela; athe ea tla lahleheloa ke bona o tla bo pholosa.

Kea le bolella, ka bosiu boo ba babeli ba tla ba phateng e le ‘ngoe: e mong o tla nkuoa, e mong a siuoe. Basali ba babeli ba tla sila hammoho: e mong o tla nkuoa, e mong a siuoe.

Barutuoa ba ‘motsa, ba re: Ke hokae, Morena? Eena a re ho bona: Moo setopo se tla ba teng, ke hona moo manong a tla bokana teng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 16 Pulungoana 2023

Read Next

La 18 Pulungoana 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular