Vinkmag ad

La 15 Pulungoana 2023

Laboraro

Albert e moholo ea halalelang (Sehopotso)

Ho baloa Bukeng ea Bohlale. (6,2-12)

“Mamelang, lona marena, le tle le ithute bohlale.”

Mamelang joale, löna marena, ‘me le utloisise; ithuteng, löna babusi ba mafatše a hole; sekehang tsèbè, löna ba renang holim’a matšoele, löna ba ithorisang ka bongata ba lichaba tsa löna.

Ke Morena ea le fileng matla a löna, le puso ea löna e tsoa ho Ea holimo-limo, eena ea tla hlahloba mesebetsi ea löna, a shebisise merero ea löna.

Joale leha le le bahlanka ‘musong oa hae, ha lea ka la ahlola ka nepo, leha e le ho boloka Molao kapa ho tsamaea ka ho ea ka thato ea Molimo; ka hoo o tla le hloibila ka potlako le ka botšabehi. Kahlolo e boima e emetse ba tulong tse phahameng. Motho ea eisehang a ka tšoareloa, a hauheloa, empa ba matla ba tla botsoa ka thata.

Morena oa bohle a ke ke a ea ka tšobotsi, leha e le ho tsotella boholo. Ke eena ea entseng e monyenyane le e moholo, ‘me o baballa bohle ka ho tšoana; empa lipotso tse thata li tobane le ba matla. Joale ke lebisa mantsoe a ka ho löna, mahosana, le tle le ithute bohlale, le se oele phosong, hobane bao ka khalalelo, ba latetseng melao e halalelang, ba tla tsejoa e le bahalaleli, le ba e rutiloeng ba tla tseba ho ipuella. Ka hoo, laba-labelang lipolelo tsa ka, le li nyoreloe ‘me le tla ruteha.

PESALEMA 81(3-4.6-7. w. 8)

EMA, MOLIMO, U AHLOLE LEFATSE.

Ahlolelang ea fokolang le khutsana,

etsetsang ea hlophehileng le ea futsanehileng toka.

Namolelang ea fokolang le ea hlokang,

le mo ntše liatleng tsa ba khopo.

‘Na ke ne ke itse: Le melimo,

bohle le bara ba Ea holimo-limo

Athe le tla ‘ne le shoe joaloka batho,

le oe joaloka ha le ‘ona mahosana a oa

Ke tla lula ka tlung ea Morena

ha feela ke ntse ke phela

 Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng Luka.(17,11-19)   

“Ha ho le ea mong ea khutlileng ho tlotlisa Molimo, ha e se molichaba enoa”.

Ka nako eo, eitse ha Jesu a le tseleng, a ea Jerusalema, a feta lipakeng tsa Samaria le Galilea.’ Eare ha a kena motseng o mong, a khahlametsoa ke banna ba leshome ba balepera. Ba ile ba ema hole, ‘me ba phahamisa mantsoe, ba re: Jesu, Moruti, ak’u re hauhele! Ha a ba bona, a re: E-eang, le itlhahise ho baprista.

‘Me ha etsahala hore, ha ba ntse ba e-ea, ba hloekisoe. E mong oa bona, ha a bona hore o hloekisitsoe, a khutla, a ntša rorisa Molimo ka lentsoe le phefa; ‘me a itihela ka sefahleho maotong a Jesu, a mo leboha. Enoa e ne e le Mo-samaria.

‘Me Jesu a botsa, a re: Na ha se ba leshome ba hloekisitsoeng na? Ba robong ba kae? Ha ho le ea mong ea khutlileng ho tlotlisa Molimo, ha e se molichaba enoa. Eaba o re ho eena: Ema, u ikele, tumelo ea hao e u pholositse.

Vinkmag ad

Read Previous

La 14 Pulungoana 2023                                                      

Read Next

La 16 Pulungoana 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular