Vinkmag ad

La 14 Pulungoana 2023                                                      

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Bohlale. (2, 23-3,9)

“Mahlong a maoatla e n’e ka ba shoele, athe bona ba, khotsong.”

Molimo o bopetse motho ho-se-shoe, o mo entse ea tšoanang Ie eena, ea sa feleng; ke ka mona oa diabolosi lefu le keneng lefatšeng, ‘me bao e leng ba hae ke bona ba tla le utloa.

Meea ea ba Iokileng e matsohong a Molimo, ‘me ha ho tlhokofatso e ka ba amang. Mahlong a maoatla e n’e ka ba shoele, ho tsoa ha bona lefatšeng e n’e ka ke bomalimabe, le ho tloha ha bona har’a rona e n’e ka ke timelo, athe bona ba khotsong.

Leha chebong ea batho eka ba fumane kotlo, ba na le tšepo e tiileng ea ho-se-shoe; ka ho mamella kotlo e fokolang, ba tla fumana lehlohonolo le leholo, hobane Molimo o ba nontse, ‘me a fumana ba mo tšoanela.

A ba tšeka joaloka gauda seboping, a ba amohela joaloka sehlabelo sa secheso. Mohla a ba etelang ba tla phatšima se ka litlhase li aparetse litlhaka; ba tla ahlola lichaba, ba rene holim’a merabe, Morena eena o tla ba busa ka mehla.

Ba mo tšepileng ba tla utloisisa ‘nete, ba ileng ba tšepahala ho eena ba khomarele ho eena ka lerato, hobane mohau le lereko ke tsa bakhethuoa ba hae.

PESALEMA 33 (2-3.16-19. R. 2)

KE TLA RORISA MORENA KA NAKO TSOHLE.

 

Ke tla boka Morena ka nako tsohle,

molomo oa ka o tla mo roka ka mehla.

Moea oa ka o ithorisa ka Morena.

Ba hlophehileng ba ke ba utloe, ba be ba thabe.

Mahlo a Morena a holim’a ba lokileng,

O sekehetse mehoo ea bona tsèbè.

Sefahleho sa Morena se halefetse ba etsang bobe,

bo ba hlakola lefatšeng

hore ba se hlole ba hopoloa.

Ha ba lokileng ba hoeletsa, Morena oa ba utloa;

o ba ntša matšoenyehong ‘ohle a bona.

Morena o haufi le ba pelo li matetetso,

o pholosa ba meea e imetsoeng.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (17,7-10)

 

“Re bahlanka ba se nang thuso, re phethile seo re neng re tlamehile ho se etsa.”

Ka nako eo, Jesu a re: Ke mang ho lona ea nang le mohlanka ea lemang kapa ea alosang eo ekareng ha mohlanka eo a e-tsoa masimong, a re ho eena: Tloo kapele, ‘me u lule lijong? Na a ke ke a mpa a re ho eena: Ntokisetse lijo tsa ka tsa mantsiboea; u itlame, u ntšebeletse ha ke e-ja ‘me ke e-noa, ‘me kamorao, le uena u tla ja, u noe? Ana o tla leboha mohlanka eo hobane o entse tseo a mo laetseng tsona? Ha ke hopole.

Le ho lona ho joalo. Ha le phethile tsohle tseo le li laetsoeng, le ke le re: Re bahlanka ba se nang thuso, re phethile seo re neng re tlamehile ho se etsa.

Vinkmag ad

Read Previous

La 13 Pulungoana 2023

Read Next

La 15 Pulungoana 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular