Vinkmag ad

La 11  Pulungoana

Labotšelela

Martin ea halalelang oa Tours (Sehopotso)

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma     (16, 3-9.16.22-27)

“Lumelisanang ka kako e halalelang”.

Lumelisang Priska le Aquilase, bao e leng batlatsi ba ka ho Kriste Jesu, ba ileng ba ipeha kotsing ea ho shoa ho mpholosa. Kea ba Ieboha, e seng ‘na feela, empa le likereke tsohle tsa balichaba. Lumelisang le kereke e phuthehang tlung ea bona.

Lumelisang Epenete, moratuoa oa ka, eo e leng thakangoaha ea Asia ho Kriste.

Lumelisang Maria, ea sebelitseng haholo har’a Iöna. Lumelisang Andronikuse le Juniase, bang ka ‘na ba bileng litlamong ‘moho le ‘na, ba tumileng har’a baapostola ‘me ba bileng ba Kriste le pele ho ‘na. Lumelisang Ampliatuse, moratuoa oa ka Moreneng. Lumelisang Urbanuse, motlatsi oa róna ho Kriste, le Stakise, moratuoa oa ka.

Lumelisanang ka kako e halalelang. Likereke tsohle tsa Kriste lia le lumelisa.

‘Na Tertiuse, ea ngotseng lengolo lena, ke le lumelisa Moreneng. Gaiuse, moamoheli oa ka le oa kereke eohle, oa le lumelisa. Erastuse, ‘moloki oa matlotlo a motse, le Quartuse, ngoan’abo röna, baa le lumelisa.

Tlotliso e be ho Molimo ea nang le matla a ho le tiisa tumelong, ka ho ea ka Evangeli eo ke e rutang le thuto ea Jesu Kriste le ka ho ea ka tšenolo ea sephiri seo e neng e sa le se patehile, empa joale se senotsoe ka mangolo a baprofeta, ‘me ka taelo ea Molimo oa bosafeleng, se phatlallelitsoe lichaba tsohle ho li tataisetsa tumelong le mamelong. Ho Molimo, eo eleng eena feela ea bohlale, ho isoe tlotliso, ka Jesu Kriste, ka mehla le mehla. Amen.

PESALEMA 144 (2-5.10-11.)

MORENA, KE TLA BOKA LEBITSO LA HAO KA MEHLA.

Ke tla u boka Morena ka matsatsi ‘ohle,

ke rorise lebitso la hao ka mehla le mehla.

Morena o moholo, o lokeloa ke thoriso eohle,

boholo ba hae bo sita ho lekanngoa.

Moloko o thoholetse moleko o tlang,

mesebetsi hao,

o tumise matla a hao.

Ke tla inahana ka khanya ea botlotlehi ba hao

le ka liketso tse tsotehang tsa hao.

Morena, mesebetsi ea hao kaofela e ke e u lebohe,

metsoalle ea hao e ke e u boke.

E ke e phatlalatse tlotla ea puso ea hao,

e ke e bolele matla a hao.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka.       (16,9-15)

“Ha eba le sa tšepahale maruong a lefatse lena, ke mang ea tla beha maruo a ‘nete kalosong ea Iona?”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Iketsetseng metsoalle ka maruo a lefatse lena le khopo, hore mohla a le fellang, le tsebe ho amoheloa Iehaeng le sa feleng.

Ea tšepahalang tabeng e nyenyane o tla tšepahala le tabeng e kholo, athe ea sa lokang tabeng e nyenyane a ke ke a loka le tabeng e kholo. Ha eba le sa tšepahala maruong a lefatše lena, ke mang ea tla beha maruo a ‘nete kalosong ea löna? ‘Me ha eba le sa tšepahala ho seo e leng sa e mong, ke mang ea tla le neha seo e leng sa löna?

Ha ho motho ea ka sebeletsang marena a mabeli; hobane o tla hloea e mong, a rate e mong, kapa o tla hanella ho e mong, a khese e mong. Le sitoa ho sebeletsa Molimo hammoho le maruo.

Joale Bafarisi, ba neng ba rata chelete haholo, ba mo tšeha ha ba utloa tseo tsohle. Jesu a re ho bona: Lona, le iketsa ba lokileng mahlong a batho, empa Molimo o tseba lipelo tsa lona; hobane seo batho ba se shebileng e le se phahameng, se nyonyeha mahlong a Molimo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 10 Pulungoana 2023

Read Next

Baetapele ba lokela ho koetlisoa-Petlane

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular