Vinkmag ad

Baetapele ba lokela ho koetlisoa-Petlane

Mookameli oa Likhetho Monghali Ts’oeu Petlane, o re Setsi se Ikemetseng sa Likhetho (IEC), se lokela ho fana ka thuto ho baetapele ba mekha le makhotla a lipolotiki, kaha ba eleletsoe hore ba bang ba bona ha ba na tsebo ka litaba tse ba amang. Tsena o li boletse ‘mokeng o neng o ts’oeroe ke Lefapha la Pokello ea Lingoloa (IEC) meahong ea IEC ka kopanelo le boemeli ba mekha le makhotla a lipolotiki, ka la 3 Pulungoana monongoaha.

O re seo se tla thusa kanetsong ea mosebetsi o tsoileng matsoho oa ho fetisetsa litaba sechabeng. A re hangata se ba kopanyang le baetapele ba lipolotiki ke melao le boitokisetso nakong ea likhetho.

A re lefapha lena le bohlokoa kaha le boloka lingoloa ‘me ba rata hore ho be le tse tla fumaneha marang-rang hore batho ba li fumane ha bonolo. A re sena se tla thusa katolosong ea phetisetsano ea litaba le hore batho ba nang le thahasello ea ho bala ba ithute ha bobebe.

O tsoetsepele hore sena hape ke mokhoa oa ho boloka lingoloa habonolo ‘me ha ba ka ts’oella baetapele ka lingoloa le polokeho ea tsona ka tsela e ntlafetseng ho  tla ba bohlokoa. A re ba rata hore bapolotiki, ba hlalose hore ba ka thusana joang le ho ts’ehetsa IEC ho fetisa molaetsa.

Ba re ba rata hore sechaba se fumane litaba tse hlakileng tsa   likhetho li sa rekisoe.

A re ba ketela Letsatsi la Lefats’e la Poloko ea Litokomane le Lingoloa tlasa mohoo o reng   “sechaba pele ho etsoa chelete ka lingoloa.”

Lefapha la poloko ea libuka ke lona le bonang hore ho bokelloa lingoloa le polokeho ea tsona, ba bile ba bulela batho bohle ho ikela sebakeng seo ho fumana litokomane tseo ba ka li sebelisang, ba sa ee ka tsona malapeng.

Ramatlotlo oa Mokhatlo oa Lesotho Library Consortium, ‘Mapoloko Kabeli, o itse ho bohlokoa hore lingoloa li fumanehe marang-rang, ho nolofaletsa sechaba ho fumana litaba ka ntle ho tefiso ea letho. A re motho a ka fetisa taba, ho ithuta le ho fetolela tse teng marang-rang.

A re mokhatlo oa habo o fetisa melaetsa ea hore litaba li se ke tsa etsetsoa ho etsa chelete empa li fumanehe mahala marang-rang  hobane ke karolo ea bophelo ba hona joale. A re lingoloa li na le melaetsa e matla ‘me li ka boloka bophelo le ho ntlafatsa sechaba.

Hloele Phafoli setsing sa litokomane se thehiloeng ho bokella litokomane tsa IEC hore li fumanehe ha   bobebe sechabeng ho anetsa lits’ia tsa Democracy, o supile setsi se na le pokello ea lingoloa tsa lipolotiki le nalane, se bile se buletsoe motho e mong le e mong ho etsa liphuputso ka litaba tsa likhetho le tsamaiso ea tsona. A re setsi sena ha se ofisi ke moo ho fanoang ka litaba tsa likhetho.

 O re lintlafatsong tse etsoang mafapheng ohle a poloko ea libuka le lingoloa b’a ameha, ‘me bapolotiki le sechaba ba sebelise setsi sena kaha ho lumellehile hore ba ka ea le balateli ba bona ba sa feteng 20 ho etsa boithuto. A re ba tl’o aha sebaka seo ba reng sechaba se tle se arolelane litaba le maikutlo ho ntlafatsa setsi sena.

Vinkmag ad

Read Previous

La 11  Pulungoana

Read Next

La 13 Pulungoana 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular