Vinkmag ad

La 9 Pulungoana

Labone

MOKETE

Khalaleletso ea Kereke ea Laterane

Ho baloa Bukeng ea Genese (28, 11-18)

“Ntlo ea Molimo le monyako oa leholimo!”

Matsatsing ao, Jakobo a fihla qalong e ‘ngoe; a robaletsa teng, hobane letsatsi le ne se le liketse. A nka lejoe le neng le le moo; a le sama, a robala qalong eo. A lora a bona leri e emisitsoe fatše, ntlha ea eona e fihla leholimong; a bona le mangeloi a Molimo a nyoloha, a bile a theoha ka eona. A bona le Morena a eme pel’a hae, a re:

Ke ‘na Morena, Molimo oa Abrahama ntat’ao le Molimo oa Isaaka. Naha eo u robetseng ho eona, ke tla e neha uena le lesika la hao. Litloholo tsa hao li tla ba kaalo ka lerole la lefatše; u tla namela Bophirimela le Bochabela le Leboea le Boroa, ‘me merabe eohle ea lefatše e tla hlohonolofala ka uena le ka lesika la hao. ‘Na ke na le uena, ke tla u baballa hohle moo u eang teng, ke be ke u khutlisetse naheng ena; hobane nke ke ka u Iahla ho fihlela ha ke phethile seo ke u baletseng sona.

Jakobo a phaphama borokong ba hae, a re: Kanthe Morena o teng qalong ee! Ke ne ke sa tsebe! A tšoha, a re: Qalo ee e tšabeha hakakang! Mona ha ho ho hong ha e se Ntlo ea Molimo le monyako oa leholimo.

Jakobo a tsoha e sa le ka meso, a nka lejoe leo a neng a le samme, a le emisa hore e be sefika, ‘me a tšela oli holim’a lona.

PESALEMA 83 (3-6.8.11.

E RATEHA HAKAKANG MEAHO EA HAO MORENA OA TSOHLE.

KAPA

KE OO MOTLOTLOANE OA MOLIMO HAR’A BATHO.

Moea oa ka o hlolohetsoe mabala

a tempele ea Morena, hoo nka ‘nang ka shoa;

pelo le litho tsohle tsa ka li hoeletsa ka thabo

ho Molimo ea phelang.

Esita le serobele se iphumanetse lehae,

le lefokotsane ntloana,

eo le behang malinyane a lona ho eona,

haufi le lialetare tsa hao, Morena oa tsohle,

Khosi ea ka le Molimo oa ka.

Ho lehlohonolo ba lulang ka tlung ea hao,

ba u rorisang ba sa khaotse.

Ho lehlohonolo batho bao uena u leng matla a bona ;

ba matlafala ho-ea-ho-ile.

Ruri letsatsi le le leng mabaleng a hao

le feta a sekete bakeng se seng.

Ke ikhethela ho ba monyako oa Ntlo ea Molimo oa ka,

ho e-na le ho lula metlotloaneng ea ba khopo.

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe.

(3,9-13.16-17)

“Le moaho oa Molino”.

Bana beso! Le moaho oa Molimo. Ka mohau oa Molimo oo ke o etselitsoeng, ke behile motheho joaloka seahi se bohlale. Empa e se e le e mong ea ahang ka oona. Feela motho ka mong a ke a hlokomele mokhoa oo a ahang ka oona. Hobane ha ho motho ea ka behang motheho osele ka ntle ho oona o song o behiloe, oo e leng Kriste Jesu.

‘Me ha e mong a ka aha holim’a motheo ona ka gauda, ka silvera, ka majoe a bohlokoa, ka lifate, ka joang, kapa ka matlakala, mosebetsi oa e mong le e mong o tla bonahala, ‘me letsatsi la Molimo le tla o hlahisa. Letsatsi leo le tla iponahatsa mollong, ‘me mollo o tla bontša hore na mosebetsi oa motho ka mong ke o joang.

Ana ha le tsebe hore le tempele ea Molimo, le hore Moea oa Molimo o ahile ka ho löna? Ha motho a ka ripitla tempele ea Molimo, Molimo o tla mo timetsa; hobane tempele ea Molimo ea halalela, ‘me tempele ea hae ke lona.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes

(4, 19-24)

“Bakhumameli ba ‘nete ba khumamela Ntate Ie moea le ka ‘nete”

Ka nako eo, mosali oa mo-Samaria a re ho Jesu: Morena, kea bona, u moprofeta. Bo-ntat’a röna ba ile ba khumamela Molimo thabeng ena, athe lõna le re ke Jerusalema moo e ka khonang ho khumameloe Molimo teng. Jesu a re ho eena: Mosali, nkholoe, nako ea tla, eo ka eona le sa tl’o hlola le khumamela Ntate thabeng ena kapa Jerusalema lona le khumamela seo le sa se tsebeng, athe röna re khumamela seo re se tsebang, hobane pholoho e tsoa ho Bajodi. Empa nako ea tla e se e bile e fihlile eo ka eona bakhumameli ba ‘nete ba tla khumamela Ntate ka moea le ka ‘nete. Hobane bakhumameli ba joalo ke bona bao Ntate a ba batlang. Molimo ke moea, ‘me ba mo khumamelang ba lokela ho mo khumamela ka moea le ka ‘nete.

Vinkmag ad

Read Previous

La 8 Pulungoana 2023

Read Next

La 10 Pulungoana 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular