Vinkmag ad

La 8 Pulungoana 2023

Laboraro

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma (13,8-10)

“Lerato ke phethahatso ea molao.”

Bana beso! Le se ke la ba le molato oa letho ho motho, ha e se ho ba le lerato la boena. Hobane ea ratang oa habo, o phetha molao. Efela melao ena: U se ke ua feba, u se ke ua bolaea, u se ke ua utsoa, u se ke ua etsa bopaki ba bohata, u se ke ua lakatsa seo e seng sa hao, leha e le melao e meng eohle, e akaretsoa ka lentsoe lena: U tla rata oa heno joaloka ha u ithata. Lerato ha le etsetse mohahabo Iona bobe. Ka baka leo lerato ke phethahatso ea molao.

PESALEMA 111 (1-2.4-5.9. 5)

HO LEHLOHONOLO MOTHO EA MOHAU, ‘ME EA ALIMANANG.

KAPA:

ALLELUIA

O entse hore tse tsotehang tsa hae li hopoloe,

Morena o lereko ‘me o mosa.

O file ba mo tšabang lijo,

O hopola selekane sa hae ka bosafeleng.

Mesebetsi ea liatla tsa hae ke ‘nete le toka,

Litaelo tsa hae tsohle ke tsa ‘nete.

O rometse sechaba sa hae pholoho,

O laetse hore selekane sa hae e be se sa feleng.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka.  (14,25-33)

“Mang kapa mang ea sa teleng tsohle tseo a li ruileng, e ke ke ea e-ba morutuoa oa ka”.

Ka nako eo, matšoele a maholo a n’a tsamaea le Jesu, ‘me a retelehela ho ‘ona, a re: Ha motho a ka tla ho ‘na, empa a sa hloee ntat’ae le ‘m’ae le mosali le bana babo le likhaitseli, esita le bona bophelo ba hae, o sitoa ho ba morutuoa oa ka. ‘Me ea sa jareng sefapano sa hae, a nts’ala morao, o sitoa ho ba morutuoa oa ka.

Ke mang har’a Iona, eo ekareng ha a rata ho aha tora, a ke keng a qala ka ho lula fatše ho lekanya lits’enyehelo, a tle a bone hore na o na le matla a ho phetha mosebetsi? Esere, ha a se a behile motheo, joale a sitoa ho qeta, e be moo bohle ba shebeletseng ba qala ho mo ja litšeho, ba re: Motho eo o qalile ho aha, joale o sa hloleha!

Kapa ke ofe morena, eo ekareng ha a tla ea futhuhela morena e mong, a ke keng a qala ka ho lula fats’e, a ipotsa hore na ka likete tse leshome a ka ba le matla a ho thulana le ea nang le likete tse mashome a mabeli na? Ho seng joalo, ekare eo a sa le hole, a romela maqosa ho ea kopa khotso.

Ka mokhoa o joalo, mang kapa mang oa Iona ea sa teleng tsohle tseo a li ruileng, e ke ke ea e-ba morutuoa oa ka.

Vinkmag ad

Read Previous

La 7 Pulungoana 2023

Read Next

La 9 Pulungoana

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular