Vinkmag ad

La 6 Pulungoana 2023

Mantaha

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma (11,29-36)

“Molimo o kentse bohle ho se mameleng, hore a tle a hauhele bohle.”

Molimo a ke ke a koenehela lineho tsa hae, le pitso ea hae. Mehleng e fetileng, löna le ne le sa mamele Molimo, athe joale le fumane mohau ka baka la ho se mamele ha Bajodi. Ka mokhoa o tšoanang, mehleng ea joale, Bajodi ha ba ka ba lumela ka baka la mohau o le hlahetseng, hore le bona ba tle ba fumane mohau. Hobane Molimo o kentse bohle ho se mameleng, hore a tle a hauhele bohle.

A boliba ba menono, ba bohlale le ba tsebo ea Molimo! Li haella tlhalohanyo hakakang, likahlolo tsa hae; ‘me litsela tsa hae li phahametse kutloisiso hakakang! Efela ke mang ea kileng a tseba khopolo ea Morena na?

Kapa ke mang ea kileng ea e-ba moeletsi oa hae na? Kapa ke mang ea ileng a mo fa mpho pele, hore a tle a buseletsoe ke eena na? Hobane lintho tsohle li tsoa ho eena, Ii teng ka eena ‘me li bopetsoe eena. Letlötlo le be ho eena ka mehla eohle! Amen.

PESALEMA 68 (30-31.33-34.36-37. v. 14)

 

 NKARABE, MORENA, KA NAKO EA KHAUHELO.

Ke tla tlotlisa lebitso la Molimo ka pina,

ke mo phafe ka teboho.

Ba hlophehileng ba ke ba bone ‘me ba thabe;

betang pelo, Iona ba batlang Molimo,

Hobane Morena o utloa mafutsana,

ha a khese ba hae ba litlamong.

Leholimo le lefatše li ke li mo rorise,

le maoatle le tsohle tse nyeunyang ho ‘ona.

Hobane Molimo o tla pholosa Sione,

a ahe metse ea Juda bocha,

batho ba tle ba ahe teng, e be ha bona.

E tla ba lefa la lesika la bahlanka ba hae,

ba ratang lebitso la hae ba tla lula teng.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (14,12-14)

“U se ke oa mema metsoalle ea hao, empa u meme mafutsana, liritsa le lihlotsa.”

Ka nako eo, Jesu a re ho Mofarisi ea ka sehlohong ea neng a mo memile: Ha u etsa mokete oa lijo, leha e le motšeare kapa mantsiboea, u se ke ua mema metsoalle ea hao, kapa bana beno, kapa ba seng le uena, Ieha e le barui ba ahisaneng le uena, e se re mohlomong le bona ba u mema ka ho u buseletsa. Empa ha u etsa mokete oa lijo, mema mafutsana, liritsa, lihlotsa le lifofu. ‘Me u tla ba lehlohonolo, hobane ha ba na kamoo ba ka u buseletsang kateng, empa u tla buseletsoa mohla tsoho ea ba lokileng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 4 Pulungoana 2023

Read Next

La 7 Pulungoana 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular