Vinkmag ad

La 2 Pulungoana 2023

MOKETE OA MEEA E PURGAROTING

Ho baloa Bukeng ea Jobo. (19,123-27)

 “Kea tseba, Mophetetsi oa ka oa phela”.

 Jobo a re: Hoja mantsoe a ka a ka ngoloa, hoja a ka hatisoa holim’a koporo, a hatisoa ka tšepe holim’a loto, a chekeloa letlapeng hore a sale teng ka mehla.

‘Na kea tseba, Mophetetsi oa ka oa phela, ‘me qetellong ke eena ea tla ema holim’a lefatše; esita leha ke se ke mumuhile letlalo, ke tla ‘ne ke bone Molimo e le ‘na ka seqo. Ke tla ‘mona a eme le ‘na, mahlo a ka a mo talime e ntse e le eena. Pelo ea ka e ea tetebela ka sefubeng sa ka.”

PESALEMA 22

 MORENA KE MOLISA 0A KA, NKE KE KA HLOKA LETHO.

 KAPA

 LEHA NKA TSAMAEA KHOHLONG E LEFIFI BA LEFU, HA KE TSABE BOBE BOFE KAPA BOFE, HOBANE U NA LE ‘NA.

 Morena ke molisa oa ka, nke ke ka hloka letho.

o nkatla makhulong a matalana.

O ntsamaisetsa metsing a khutsitseng,

o matlafatsa bophelo ba ka;

 

O ntataisa tseleng e nepahetseng

ho tlotlisa lebitso la hae.

Leha nka tsamaea khohlong e lefifi ba lefu,

ha ke tšabe bobe bofe kapa bofe.

 

U ntekela tafole

pontšeng ea lira tsa ka,

U ntlotsa hloho ka oli,

mohope oa ka oa khaphatseha.

 

Efela lehlohonolo le mohau li tla mphelehetsa

ka matsatsi ‘ohle a bophelo ba ka ;

Ke tla lula ka tlung ea Morena

ha feela ke ntse ke phela.

 

 Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma      (14,7-9.10-12)

 “Leha re Phela, leha re e-shoa, re ba Morena”.

 Bana beso! Ha ho e mong har’a röna ea iphelelang, ha ho e mong ea ichoelang; empa leha re phela, re phelela Morena, leha re e-shoa, re shoela Morena. Ka baka leo, leha re phela, leha re e-shoa, re ba Morena. Ke ka baka leo Kriste a shoeleng, a ba a tsoha, e le hore e be eena Morena oa ba shoeleng le oa ba phelang.

Bohle re tla ema pel’a setulo sa kahlolo ea Kriste. Hobane ho ngoliloe: “Ruri joaloka ha ke phela,” ho rialo Morena, “mangole ‘ohle a tla nkhumamela, ‘me maleme ‘ohle a tla tlotlisa Molimo.” Ka baka leo, e mong le e mong oa röna o tla ikarabella ho Molimo.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes                                                        (12,23-28)

 “Ha hlaku ea koro e ka shoa, e tla beha haholo.”

Ka nako eo Jesu a re ho barutuoa ba hae: Nako e fihlile eo Mor’a motho a tla tlotlisoa ka eona. Ka ‘nete-nete, ke re ho löna: ha hlaku ea koro e oetseng mobung e sa shoe, e tla itšalla e le joalo; athe ha e ka shoa, e tla beha haholo. Ea ratang bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela; ‘me ea hloeang bophelo ba hae lefatšeng lena, o bo bolokela bophelo bo sa feleng.

Ea batlang ho ntšebeletsa, a ntatele; ‘me moo ke leng teng, le eena mosebeletsi oa ka o tla ba hona teng. Ha e mong a ka ntšebeletsa, Ntate o tla mo hlonepha. Hajoale moea oa ka o ferekane; ekaba ke tla re’ng? Ntate, u mpholose nakong ena! Empa ha e le ‘nete, ke tletse nako ena. Ntate, ak’u tlotlise lebitso la hao! Eaba lentsoe le tsoa leholimong, le re: Ke le tlotlisitse, ‘me ke tla boela ke le tlotlisa.

Vinkmag ad

Read Previous

La 1 Pulungoana 2023

Read Next

La 3 Pulungoana 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular