Vinkmag ad

La 1 Pulungoana 2023

MOKETE OA BAHALALELI BOHLE

Ho baloa bukeng ea Tšenolo. (7,2-4.9-14)

“Ka bona bongata bo boholo, boo ho neng ho se motho ea ka bo balang, ba lichaba tsohle, ba merabe eohle, ba lipuo tsohle.”

 ‘Na Joannes, ka bona Iengeloi le leng le nyoloha le tsoa Bochabela, le e-na le letšoao la Molimo ea phelang. La hoeletsa ka lentsoe le phefa mangeloi a mane a neng a filoe matla a ho tšoenya lefatše le leoatle, la re: Le se ke la tšoenya lefatše le leoatle, leha e le lifate, re e-s’o tšoaee bahlanka ba Molimo oa rona liphatleng. ‘Me ka bolelloa palo ea ba tšoailoeng: ke likete tse lekholo le nang le mashome a mane a metso e mene, e leng ba tsoang melokong eohle ea bana ba Israele.

‘Na Joannes, ka bona bongata bo boholo, boo ho neng ho se motho ea ka bo balang, ba lichaba tsohle, ba meloko eohle, ba merabe eohle, ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone le pel’a konyana, ba apere liaparo tse tšoeu, ba tšoere lipalema matsohong. Ba ne ba hooa ka lentsoe le phefa, ba re: Pholoho e tsoa ho Molimo oa rona, ea lutseng teroneng, le ho Konyana!

Mangeloi ‘ohle a neng a eme a teetse hare terone, maqheku le libopuoa tse phelang tse ‘ne, a itihela fatše ka pel’a terone, a khumamela Molimo, a re: Amen. Thoriso, letlotlo, bohlale, teboho, tlhompho, borena le matla Ii isoe ho Molimo oa röna ka mehla le mehla!

Amen.

Le leng la maqheku le bua le re ho ‘na. Bao ba apereng liaparo tse tšoeu ke bo-mang, ‘me ba tsoa hokae na? Ka araba, ka re: Monghali, ke uena ea ka tsebang. La fetola, la re: Bana ke batho ba tsoang matšoenyehong a maholo. Ba hlatsoitse liaparo tsa bona, ‘me ba Ii soeufalitse maling a Konyana.

        

Pesalema 23 (1-6. 6)

 O JOALO MOLOKO OA BA BATLANG HO HLAHA PEL’A HAU, MORENA.

 KAPA

 ALLELUIA.

 

  • Lefatše ke la Morena le tsohle tse ho lona :

               lefatše le baahi bohle ba lona.

  • O n’a le thehe holim’a maoatle,

              a le tiisa holim’a maliba.

  • Ke mang ea ka nyolohelang thabeng ea Morena,

              ke mang ea ka emang qalong e halalelang ea hae?

 
   
  • Ke ea se nang mali matsohong,

               ea pelo e hloekileng.

  • Enoa ke eena ea tla fumana mahlohonolo ho Morena,

             ea tla ahloleloa ke Molimo, mopholosi oa hae.

  • O joalo moloko oa ba mo batlang,

               oa ba batlang ho hlaha pel’a hao,

               uena Molimo oa Jakobo.

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Joannes (3,1-3)

 “Re tla bona Molimo kamoo a leng kateng”.

 Baratuoa. A ke le boneng boholo ba lerato leo Molimo Ntate a re ratileng ka Iona, hore re bitsoe bana ba Molimo, re hlile re le bona. Ha lefatše le sa re tsebe tjena, ke kahobane ha lea ka la mo tseba.

Baratuoa, re se re le bana ba Molimo joale, empa ha ho e-s’o bonahatsoe seo re tlang ho ba sona. Rea tseba hore mohla re bonahatsoang, re tla tšoana le eena kahobane re tla ‘mona kamoo a leng kateng, ‘me mang le mang ea mo tšepang joalo o ikhalaletsa joaloka ha le eena a halalela.

Alleluia Mt 11, 28)

Alleluia, alleluia! Tloong ho ‘na, lona bohle ba sebetsang ka thata ‘me ba imetsoeng, ho rialo Morena, ke tle ke le phomotse. Alleluia!

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (5,1-12)

Ho lehlohonolo ba nang le moea oa bofumanehi.

Ka nako eo ha Jesu a bona matšoele, a nyolohela thabeng. A lula fatše, ‘me barutuoa ba hae ba tla ho eena. Eaba o ahlamisa molomo, oa ba ruta, o re: Ho lehlohonolo ba nang le moea oa bofumanehi, hobane ‘muso oa maholimo ke oa bona.

Ho lehlohonolo ba mahlomoleng, hobane ba tla tšelisoa.

Ho lehlohonolo ba bonolo, hobane lefatše e tla ba lefa la bona.

Ho lehlohonolo ba lapetseng ‘me ba nyoretsoeng ho loka, hobane ba tla khotsofatsoa.

Ho lehlohonolo ba mohau, hobane ba tla hauheloa. Ho lehlohonolo ba pelo li hloekileng, hobane ba tla bona Molimo.

Ho lehlohonolo ba bopang khotso, hobane ba tla bitsoa bana ba Molimo.

Ho lehlohonolo ba hlorisetsoang ho loka, hobane ‘muso oa maholimo ke oa bona.

Ho lehlohonolo lona ha le hlapaoloa, le hlorisoa ‘me le etseletsoa ka mekhoa eohle ka baka la ka. Thabang, le nyakalle, hobane moputso oa lona o tla ba moholo maholimong; etsoe baprofeta ba bileng teng pele ho lona ba ile ba hlorisoa joalo.

Vinkmag ad

Read Previous

Temo ea lifate tsa litholoana

Read Next

La 2 Pulungoana 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular