Vinkmag ad

LNFOD le bophatlalatsi b’a ikopanya

‘Mamekhatlo ea Mekhatlo ea Batho ba nang le Bokooa(LNFOD), o ntsoe leng ho tšoarana ka matsoho le Baphatlalatsi ba Litaba, ho bona hore litokelo tsa batho ba nang le bokooa ha li hatikeloe le ho ba kenyeletsa kholong le ntšetso-peleng ea Naha ea Lesotho. Tsena ke tse hlahelletseng ‘mokeng oa letsatsi le le leng oa LNFOD le Bo-ralitaba o neng o tšoaretsoe Victory Hall, Maseru, ka la 26 Mphalane monongoaha. 

‘Moka ona har’a tse ling morero oa ona e ne e le ho hlahlella Baphatlalatsi ba Litaba ka malebela ka litaba tsa batho ba nang le bokooa, tse kang tšebeliso ea puo hore na bophatlalatsi bo sebelisa puo ka mokhoa ofe, e le hore ba se ke ba hatikela Litokelo tsa Mantlha tsa batho ba nang le bokooa. Ho boetse hape ha tšohloa ka bokhutšoanyane likateng, tse ling tsa karolo ea molao oa batho ba nang le bokooa o ileng oa fetisoa ke paramente ka 2021.

Taba ea mantlha e kholo e bile ho shebisana hore na LNFOD e ka sebetsa ‘moho joang le bophatlalatsi, e le ho bona hore na litaba tsa batho ba nang le bokooa li reng ho bona, kaha kaofela bohle re cha re tšola litabeng tsena tsa ho utloa le ho tseba ka bona.   

Vinkmag ad

Read Previous

Nyeoe e qholotsang tšisinyo ea chechisoa

Read Next

Re buisana le sebini sa lapeng

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular