Vinkmag ad

Re buisana le sebini sa lapeng

Juvy ke mang?

“Ke Motebang “Juvenile” Nkoko, mohlankana oa Mosotho ea phelang Mazenod, Maseru.” Lebitso lena la Juvenile o le fumane h’a qala ho kena ‘minong ka lebaka la hore e ne e le eena e monyenyane kahar’a sehlopha seo a qalileng le sona, eare h’a ntse a hola lilemong le ‘minong eaba o le fetohela ho Juvy Oa Lepimpara. O kene sekolo linaheng tse tharo tse fapakaneng, Sekolo sa Mathomo o se kene Cape Town, Afrika Boroa, se Phahameng NULIS, Lesotho, a qetella ka thuto e phahameng Naheng ea Botswana, moo a ithutileng ‘mino.

Taba ee ea ‘mino e tsoa lapeng kapa ke lerato le bileng teng ho uena feela?

“Lerato lena la ‘mino le qalile ke sa le Sekolong sa Mathomo koana Cape Town, ha se lefutso kapa taba e tsoang kahar’a lelapa.” O e hlalositse e le talenta le pitso e tsoang ho Morena Molimo.

Ke pina efe eo u ka reng ke eona e u behileng mahlong a sechaba?

“Ha ho na pina e le ‘ngoe eo e leng eona e entseng joalo, ke bonyane lipina tse tharo, leha li sa fihla sechabeng ka nako e ts’oanang, ‘me lipina tseo ke Vele, K’hotho le Sekipa se ntekane.” A bonts’a hore kaha ts’ebeliso ea marang-rang e ne e le tlaase nakong ea Vele, K’hoto e ile ea itlhoma pele, kaha e fihlile nakong eo a sebelisoang haholo.

Na ha joale ho teng pina eo u ntseng u sebetsana le eona?

Juvy o boletse hore o ne a qeta ho nts’a pina ea Security 2.0 eo a neng a ntse a sebetsana le eona pejana re bua le eena, moo a sebelitseng le Ismoke, ebile ke eona e ba ikemiselitseng ho sebetsana le eona ho ea qetellong ea selemo.

Na ho na le pina e ‘ngoe eo balateli ba ka e lebellang pele selemo se fela?

O ile a re h’a ikemisetsa hore ho be joalo, empa ha ho ka ha fihla maikutlong a hae molaetsa oo a hlokang hore a o fetise ho tla ba le pina e ‘ngoe.

U ka ts’episa Basotho eng ho tloha moo?

O ts’episitse hore ho tla ba le pina eo ho eona a tlang ho sebetsa le ‘m’e Puseletso Seema, ‘me e ka ba teng monongoaha kapa isao.

U etsa joang hore lipina tsa hau li amohelehe ka lerato le leholo ha kaalo?

O bonts’itse sena se bakoa ke boiphihlelo boo a nang le bona ‘minong, kaha a se a le boemong ba ho arola ‘mino o bonts’ang thabo le bohloko. Hape o etsa bonnete ba hore o arola ka nepo libaka tseo a batlang pina e letsoe ho tsona, “Ke ela hloko hore na pina eo ke batlang ho e ngola ka nako eo e tla amoheloa ke mofuta ofe oa batho, ha ke ngola pina ea lerato ke sheba lintho tsohle tseo motho oa ‘m’e a thabelang ho utloa mothong.”

Morero oa ho tsoa kahar’a naha o teng?

Juvy o bonts’itse hore monyetla ona o teng oa hore a ka iphumana a tsamaile ho latela maemo a naha ea rona, a bonts’a hore bao a sebelitseng le bona joaloka Malome Vector o mo letselitse makhetlo a mangata, empa h’a e-s’o kholisehe hore o lokela ho tsamaea hobane o sa na le ts’epo ho Lesotho, hore ka letsatsi le leng lintho li tla loka ho ts’oane le linaheng tse ling moo ‘mino o phelisang.

Liqholotso tseo u kopaneng le tsona ke life?

O hlalositse hore qholotso e kholo ke hore Lesotho ke naha e nyane joale ho rekisa ‘mino ha ho bonolo haholo.

Likatleho tsona?

“Ke sebelitse le likhoebo tse kholo joaloka Vodacom Lesotho, hajoale ke seboholi PC FM, ‘me pina tsa ka Sekipa se ntekane le K’hotho li ile tsa hapa ‘Song of the Year’.”

Keletso ho bana ba Basotho ba ratang ho kena ‘minong

Khothaletso ea hae ho bona e bile hore ba kene sekolo, hobane ‘minong mona ho thata haholo ho etsa chelete ea boipheliso, ka hona ho ba le thuto ho tla thusa hore mosebetsi o be teng oo motho a tlang ho phela ka oona, o bonts’itse hore ha se bohle ba teng kahar’a selika-likoe sa ‘mino ba atlehang. A bonts’a hore leha ‘mino oa hae o ntse o amoheleha tjena, o ntse a etsa mesebetsi e meng ka thoko joaloka ho ba seboholi le ho kena khoebong. O ile a qetella ka ho leboha Basotho ka ts’ehetso ea bona ‘minong oa hae.

Vinkmag ad

Read Previous

LNFOD le bophatlalatsi b’a ikopanya

Read Next

Infantino o fana ka matšeliso

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular