Vinkmag ad

Li tsebe naha ha e busoe ka lithunya-Mokhothu

Baetapele ba Mekha le Makhotla a fapakaneng a lipolotiki ba re Tona-Kholo o hlasetse molao o fang maparamente monyetla oa ho khetha Tona-Kholo, hobane o entse polelo e tšosang le ho beha Ntlo ea Bakhethoa tlasa khatello ka hore ba hlokisa naha botsitso. Tsena li bile ‘mokeng oa bo-ralitaba Paramenteng ea Lesotho, ka la 17 Mphalane monongoaha.

Moetapele oa Bohanyetsi Paramenteng, Mathibeli Mokhothu, o itse Tona-Kholo ke eena ea tsoileng  kano ea hae ea ho sireletsa Molao oa Motheo tlase, ka ho se tšepahale ‘me o ntse a tsoelapele ho fana ka mabaka a etsang hore ba hloke tšepo ho eena.

A supa Litsi tsa Tšireletso ka polelo ea tsona li entse teko ea ho lia puso, hobane ba tlotse meeli ea ho re ba tla sireletsa ‘muso le thepa ea sechaba. A re ba hlompholotse Ntlo ea Bakhethoa ba Sechaba le molao o ba tsamaisang oa hore ba sireletse puso ea sechaba ka sechaba.

A re naheng ena ‘muso o tsoaloa ke maparamente, ka hona Litsi tsa Tšireletso li tsebe hore ha e busoe ka sethunya, ka hoo ba hlasetse Molao oa Motheo oa naha le paramente ka litaba tseo ba li entseng.

A re bona ba tla sireletsa puso ea sechaba ka sechaba, hape letsoho la molao ha le lekhutšoanyane empa e le taba ea ho reka nako ha ba lokela ho fetola puso e le maparamente.

A re ha batho ba lahlehetsoe ke lipalo ba ba isa makhotleng, ha ho se ho se na lipalo ha ho na tlhahiso eo muso o ka e behang kahar’a paramente, ka hona ba lumela hore makhotla a tla elelloa hore paramente ha e lokele ho tšoaroa matsoho.

Moetapele oa ABC Nkaku Kabi, o itse lipalo tseo ba khethiloeng ka tsona li bontša hore ba emetse sechaba ‘me ketso ea ho leba makhotleng ke ho reka nako.

Prof. Nqosa Mahao, o itse RFP e khethiloe ke sechaba ka bakhethoa ‘me e lahlehetsoe ke bakhethoa ba ka holimo ho supa.  A re RFP ha e utloisisi hore karolo ea sechaba se neng se ba khethile e ba lahlehetse, bona esale ba iphapantse e le bohanyetsi joale ‘muso o itihile ka ho se tsebe ho lokisa mathata a ona. A re Baokameli ba Litsi tsa Tšireletso ba ile ba felloa ke likonteraka ‘me ha joale ba qekisa hore li eketsoe, ka hona ba suoela tšeea selomong kaha e se bona balisa ba Molao oa Motheo.

Adv. Lekhetho Rakuoane, o re ngongoreho ea hae ke hore ba senya tlhopho-bocha kaha ba sitoa ho hlompha Molao oa Motheo.

Vinkmag ad

Read Previous

Lesotho le ka fepela linaha-Ramano

Read Next

Litsi tsa Tšireletso li tsoetsoe ke paramente-Mofomobe

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular