Vinkmag ad

Lifefo li’a sia lepala-paleng

‘Musi oa Setereke sa Maseru, Tšepo Lethobane ka kopanelo le moifo oa Setsi sa Taolo ea Likoluoa Lesotho(DMA) le Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu ba tsoile letšolo ho hlahloba tšenyo e bakiloeng ke sefefo se bileng maobane. Tsena o li buile puisanong le koranta, ka la 13 Mphalane monongoaha.

O itse ba bile Joala Boholo Tšoeneng ha Morena oa Sehlooho oa Rothe, moo ba fumaneng hore ke matlo a kaholimo ho 12 a fefohileng, ‘me batho ba bang ba setse ho se moo ba lulang, ha ba bang matlo a senyehile empa a ka lokisoa.

O re o tšoenyehile kaha boholo ba malapa a amehile e le a batho ba hlokang. A re ho fihlela ha joale o fumane tlaleho ea hore Setibing ho amehile a 10 ‘me a mang a senyehile hoo ho seng mokhoa oa ho a lokisa, ha e le Marakabei teng a 13. O itse h’a e-s’o be le bonnete ba lipalo-palo tsa Nyakosoba le Makhaleng.

A re kamor’a tlhahlobo eo a tla e etsa ke hona litsi tse ikarabellang litabeng tsa likoluoa li tla kenya letsoho ho fana ka tšehetso.

Vinkmag ad

Read Previous

Setho sa paramente se’a thunngoa

Read Next

Lesotho le ka fepela linaha-Ramano

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular