Vinkmag ad

LeFA e sibolla talenta ea bana

Lipapali tsa bolo ea maoto, tsa bana ba lilemo li ka tlaase ho 13 ho isa ho ba 15, ho hlaha litikolohong tse ‘ne tsa naha, tse neng li hlophisitsoe ke Mokhatlo o Tsamaisang Bolo ea Maoto Lesotho (LeFA), tlasa morero o tšehelitsoeng ke Mokhatlo oa Lefatše oa Bolo ea Maoto (FIFA), oa ho sibolla Talenta Baneng ba Lilemo li Tlaase (TDS), e bile tse atlehileng haholo. Lipapali tsena tsa letsatsi li ne li tšoaretsoe Lebaleng la Bambatha, Maseru, ka la 6 Mphalane monongoaha.

Puisanong le Raliphatlalatso oa LeFA, Monghali Mikia Kalati o boletse hore morero ona, o qalile ka khoeli ea Tlhakubele monongoaha moo ba ileng ba ea literekeng, ‘me ka tšebelisano ‘moho e mofuthu le bakoetlisi ba sebetsang le bana literekeng, ho ile ha boptjoa mekhethoa e arotsoeng ka litikoloho tse ‘ne tsa Lesotho, e leng North ka litereke tsa Butha-Buthe le Berea, South e bopiloeng ka litereke tse kang Mafeteng, Mohale’s Hoek, Quthing le Qacha’s Nek, ho be le Central e bopiloeng ka Maseru le Thaba-Tseka kaha Maseru e batla e le kholo, ‘me e boetse ena le li-Zone tse ngata tsa papali.

A re ho boetse ho na le e ‘ngoe e bopiloeng ka bana ba likolo e oelang ka kotloloho ho LeFA  kaha e sebetsa hantle  likolong, e leng hona moo talenta e fumanehang ka bongata teng.

A re kamor’a hore FIFA e etse boithuto linaheng ka ho fapakana, ‘me ea hlokomela hore ho na le linaha tse ntseng li saletse morao papaling ea bolo ea maoto, e ile ea qala ho theha le ho tšehetsa morero ona  ka kotloloho ka sepheo sa ho thusa linaha tse ntseng li hola papaling ea bolo ea maoto ka ho otla talenta lilemong tse tlaase.

A re morero o moholo oa lenane ke ho holisa le ho matlafatsa talenta ea bana le ho bona hore ha e felle feela, empa e hola ho ea fihla lihlopheng tse kholo tse kang tsa Bahlabani, Makoanyane le Likuena. A re tebello ke hore bana ba seng ba ntse ba koetlisoa hona joale, ka selemo sa 2026 ba be ba le sehlopheng sa naha sa U/20.

A re kamor’a lipapali tsena ho tlilo boptjoa mokhethoa oa bana ba 25 ba lilemo li ka tlaase ho 15, ba tla emela naha lipapaling tse tlang ho tšoareloa Naheng ea Afrika Boroa ka Tšitoe monongoaha. A tiisa hore ba se nang ho khethoa , ha ba na ho lahloa kherehloa empa ba tla kena mananeng a fapakaneng a LeFA, a holisang talenta ea bana.

Vinkmag ad

Read Previous

Lekala le tšohla mekhoa ea ntlafatso

Read Next

Setho sa paramente se’a thunngoa

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular