Vinkmag ad

TRC e atolosa phano ea lits’ebeletso

E le ho fana ka thuto  sechabeng, mokhatlo o loanelang Litokelo tsa Mantlha tsa Botho (TRC) ka morero oa Seea-le- methati o  fane ka thuso ea lichelete ho mekhatlo e 11 e tla sebetsa libakeng tseo TRC e sitoang ho  fihla ho tsona e le neheletsano ea mosebetsi, ka la 19 Loetse monongoaha.

Mookameli oa TRC Tsikoane Peshoane, o  itse mosebetsi ona ba ne ba o etsa ka bo bona e le mokhatlo oa TRC, empa ba bona ho le bohlokoa ho atolosa phano ea lits’ebeletso, ka ho fa mekhatlo e metseng monyetla. A re  mosebetsi o  tlo’ etsoa ke mekhatlo  ha oa fapana le oo ba ntseng ba o etsa, kaha ba na  le mananeo a mahlano a ho thusa sechaba, ona ke  ho batla lits’ebeletso, ho nka karolo ha sechaba ha ho etsoa liqeto  le hore liqeto tse entsoeng ke ba nang le boikarabello ba nke boikarabello, litokelo tsa botho le toka moo ba reng ha ba ntse ba tsoa mats’olo tlhompheho ea litokelo tsa mantlha tsa botho ha eo.

A re ba boetse ba sebetsa  le sechaba  se angoeng ke merero e meholo le litaba tsa litokelo tsa phetoho ea leholimo, empa sechaba se bonahala se its’oara hloohong ‘moho le ba filoeng boikarabello ba ho sebetsana le litaba tsena.

Mookameli  oa Mananeo  TRC  Monts’eng Moluoane, o itse ba se ba ts’ehelitse mekhahlelo e mene kahare ho manane ao TRC e se ntse e sebetsa kahare ho ona, ‘me hore mekhatlo e fihlele sena ba  nts’a kopo moo mekhahlelo eohle ea sechaba e ratang ho etsa kopo ea chelete ba etsang joalo. A re ba  se ba ts’ehelitse  mekhatlo e 29 ho tloha ka selemo sa 2022 ‘me ba sebetsa Mafeteng, Maseru, Leribe, Butha-Buthe  le Mokhotlong. A re tebello ke hore  ba thakhola mosebetsi ‘me ba tla hlahlojoa le hore ba ntse ba sebetsa joang le ho fana ka  tlaleho tsa lichelete tse ngotsoeng hantle. A re likopo  tsa morero ona li buleloa ho tloha ka M10,000.00 ho ea ho M60,000.00 e le chelete eo mekhatlo e ikopelang  eona.

Lebitsong la ba filoeng lithuso Ts’epang Monyeli, o itse mosebetsi oa bona ke ho  isa  lits’ebeletso sechabeng, ‘me ba  leboha TRC ka hore  monyetla ona o tla ba bulela menyetla e meng e mengata. A re  ba tla sebetsa ‘moho ho ts’ehetsana  hore mosebetsi oa bona e tle e be o motle.

‘Mamolefe Petlane Molula-Setulo oa Boto e Tsamaisang TRC, o itse o  lebohela mekhatlo ena e atlehileng ho fihla boemong ba ho qetela, ‘me ea bohlokoa ke ho kenya ts’ebetsong mekhoa ea ho tlaleha ka tsela e nepahetseng le ts’ebeliso ea  lichelete. A re ha ba tlaleha hantle ba ba monyetleng oa ho fumana ts’ehetso ea lichelete, le bona ba sebeletse ho ba le litlaleho tse ntle tsa lichelete tse tla ba thusa.

A re hona joale ba tobane le qholotso e kholo ea ts’ehetso ea lichelete ka lebaka la  ntoa ea Ukraine le Russia, empa ba tle ba ts’epahale.

Mekhatlo e 11 e tekenetseng lithuso ebile e le mokhahlelo oa ho qetela ho e meraro e seng e fetile ke Women Going Beyond, Environmental and Climate Change Mitigation Centre, Lesotho  Development for the Blind, Schools and Home’s Associations of Lesotho ,VRC Social Innovation PTY LTD,  Uhuru Lesotho, Law Society Lesotho, Liqhobong multipurpose Association, NUL Human Rights Chair, Crow Mokhotlong le Justice and Peace Maputsoe.

Vinkmag ad

Read Previous

World Vision e phura leshoetla le bophatlalatsi

Read Next

Malapa a khothaletsoa ho tseba puo ea matsoho

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular