Vinkmag ad

Malapa a khothaletsoa ho tseba puo ea matsoho

Mookameli oa Mokhatlo oa batho ba nang le Bokooa ba Kutlo le Puo (NADL), Bongiwe  Buzi, o re  malapa  a lokela ho tseba puo ea matsoho ho ntlafatsa lipuisano lipakeng tsa bana ba hlahang ba e-na le bokooa ba puo le kutlo, le ba ka kopanang le bothata hara tsela. O boletse tsena, ka la 20 Loetse monongoaha.

A re e le ho keteka beke ea batho ba nang le bokooa ba puo le kutlo, ba rata ho beha sechaba leseling ka liqholotso tse tobaneng le batho ba nang le bokooa ba puo le kutlo le ho ruta sechaba ho utloisisa batho ba joalo. A re batho bohle ba lokela ho tseba puo ea matsoho, kaha e le karolo ea lipuisano e sebelisoang ke batho ba bang ho bua le ba bang, ka hona ha batho ba bangata ba ka ba le tsebo ea eona, ho tla etsa hore batho ba nang le bokooa ba puo le kutlo ba nolofalloe ke lipuisano tsa mofuta ofe kapa ofe.

A re ho na le bana ba nang le bokooa ka kutlo le puo ba hlahang ba sa utloi, ba sa bui ho hang, ‘me ba  holang ba sa tsebe puo ea matsoho, ‘me lefats’e la bona le ba bolutu, ka hona ba khothaletsa hore malapa a tsebe puo ea matsoho, e le hore bana ba be le tsebo ea hore bophelo bo tsebe ho ba le lipuisano.  A re ho bohlokoa hore ngoana a arolelane litaba tsa hae le bana ba bo le ka malapeng batho ba lokela ho ithuta puo ea matsoho hobane  ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e qala ka lapeng ebe e fetela sekolong.

A re boholo ba bana ba nang le bokooa ba kutlo le puo ba kena  sekolo ha bohloko, hobane ba sa utloi seo baithuti kapa litichere li se buang hoo boholo ba qetellang ba nyahlatsa sekolo, empa ba ntse  ba sebetsa ka thata hore puo ena e kenelle  kahar’a puo tsa bohlokoa likolong.

A re mokhatlo oa habo o butse likolo tse ‘maloa ho ruta batho puo ea matsoho, e le karolo ea ntlafalo ea lipuisano sebakeng sa batho bohle, ‘me boholo ba nako ba salla morao linthong tse ngata kaha ba se na babuelli ba bona ba puo ea matsoho, joale seo se baka sekheo kahara sechaba.

Bongiwe o re  ba ntse ba shebisana mekhoa ea hore baithuti ba entseng puo ea matsoho, ba tsoelepele  ho fumana mangolo a holimo, hore  batho ba se ke ba ema boemong ba certificate feela.

Mookameli oa Meralo NADL, Likopo Lesoetsa, o itse ba ntse ba leka ho anela batho bohle ba nang le bokooa ba puo le kutlo hore  likolo li  ananele baithuti bohle. A re mekhatlo  e ntse e tsoelapele ho etsa lerata le ho bonts’a tlhoko ea batho ba nang le bokooa ba puo le kutlo.  A re ho na le litichere  tse khothaletsoang ho ithuta puo ea matsoho e le ho tlisa phetoho thutong ea bana ba nang le bokooa ba puo le kutlo.

A supa hore selemong  se fetileng ba koetlisitse mapolesa a 30 libakeng tse fapakaneng,  haholo  lefapha le sebetsanang le litaba tsa bana le tlhekefetso , hobane ba hlokometse hore bana ba bangata ba nang le bokooa ba kutlo le puo b’a hlekefetsoa, joale  nakong eo ba eo tlaleha mapoleseng ba sitoa  ho  thusoa hobane ho se na kutloisisano. O re ba ile ba bona hore ba koetlisa mapolesa  hore a utloisise puo ea matsoho le bophelo ba batho ba nang le bokooa ba puo le kutlo, ho tla ba thusa  ho baleha liphoso le ho se abeloe toka.

Mongoli-Kakaretso oa Mokhatlo, Mashaile Khantsi o itse o kopane le bokooa ba puo le kutlo a le lilemo li 19, kamor’a bokulo ba nako e telele hoo a neng a thatafalloa ke bophelo le ho buisana le batho. A re ha baphatlalatsi ba ka utloisisa, ba rata puo ea matsoho le bona e le batho ba nang le bokooa ba puo le kutlo, ba  tla nolofalloa ke ho ba le lipuisano le maikutlo litabeng tsa sechaba.

A re ke takatso ea bona ho bona puo ea matsoho e anela hohle, e ratoa le ho tsejoa ke sechaba sa Basotho.

Vinkmag ad

Read Previous

TRC e atolosa phano ea lits’ebeletso

Read Next

Basotho ba nka ‘muso ka lechoba

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular