Vinkmag ad

Basotho ba nka ‘muso ka lechoba

Basotho ba ts’oenyehileng ho hlaha  kahar’a mekha le makhotla a  fapakaneng a lipolotiki bao  boholo  e leng bacha, ba re ba nka  ‘Muso oa Lesotho ka lechoba ho ea makhotleng a molao, kamor’a ho ithiba litsebe ha ba re o se tsoelapele ka ‘moka oa Morero oa Metsi ke Bophelo. Tsena li hlahelletse ‘mokeng oa bo-ralitaba oa la 20 Loetse monongoaha.

Lebitsong la Basotho bana, Montoeli Ramaipato o itse  kaha e se litloli tsa molao ba khethile ho mathela makhotleng ho kopa namo hore ‘moka oo o se tsoelepele. A re  molao oa taolo ea metsi oa selemo sa 2008, o re Basotho ba fumane lits’ebeletso tsohle tsa metsi le lipuisano ntle le litefiso, empa se makatsang ke hore ‘moka ona o tl’o hamolla Basotho lichelete ka hore ba o lefelle ho ea ikutloela litaba tse fuperoeng ke ona.

O re  ba thibela tsoelopele ea ‘moka oo ka molao hobane ha ho oa lateloa methati e nepahetseng, joaloka ho fetisa taba ena kapela paramente hore e ts’ohloe. A re hona ke bobolu boo batho ba bang ba ratang ho ithuhisa ka lichelete tsa Basotho.

Lepolesa Makutoane e mong oa boemeli bona o itse kamor’a ho elelloa hore morero oo ha o molemong oa naha ena le baahi ba eona, ba ile ba ngolla Tona-Kholo lengolo, lefapha la metsi le komiti ea lihloliloeng ea paramente, empa ho fihlela lena ha ho e-s’o be le karabo, ‘me ho utloahala ‘moka oa ho ts’ohla litaba tseo, o ntse o le mocheng oa ho tsoelapele.

A re   monna oa Afrika Boroa ea hlalosoang a tlil’o etellapele morero ona, Monghali Mashulu Ramano, o etetse Lesotho bekeng ena, moo a ntseng a bolelisaka hore ke eena mong’a toro ena, ‘me o batla ho tla sebelisa metsi a Lesotho a ituletseng feela ho se letho le etsoang ka oona, le hore Basotho ba tla kena ka M1, 000.00 ‘mokeng oo a tlang ho nama ka maano a hae a ho tla a sebelisa, le hore ba tla lefa bokhotho-khotho ba chelete  ha ba batla ho lula le Mashulu ho ba ts’oella ka melemo ea sehloliloeng sena sa bona.

Ba re ho tloha qalong taba ena e sa sebetsoe hantle, empa ha ho kamoo Basotho ba ka sielloang morao torong e kholo hakana ka taemane ea bona. Ba re ba tla sebetsa ka thata e le bacha ba naha ena, ho inamolela khahlanong le khatikelo efe kapa efe e  etsang hore naha ea bo bona  e sotlehe.

Ka  lehlakoreng le leng litho tsena tsa DC, ABC, BAP, SR, BPP, RFP le BNP, li re li makalletse ‘Muso oa Lesotho o sa buleng paramente ka mabaka a sa tsejoeng, moo tebello e leng hore ho tla khaoha molamu teng ka lillo tsena tsa bona, etsoe nako ea ho buloa ha eona e fihlile.

Ho sa le joalo, Letona la Lihloliloeng le Lirafshoang  Mohlomphehi Mohlomi Moleko, o tiisitse hore ba bile le moeti Monghali Mashulu Ramano, hape ha se phoso hore ‘moka oo o lefelloe ke batho ba nang le thahasello ea ona etsoe ba ntse ba lefella limmoka tse ngata tseo ba eang ho tsona linaheng tse ling. A re ‘moka o ntse o tla tsoelapele empa bona ba se ba tla utloa na kahlolo ea lekhotla e reng haeba nyeoe e tla ba teng e emang taba ena kapele.

Vinkmag ad

Read Previous

Malapa a khothaletsoa ho tseba puo ea matsoho

Read Next

Bakoetlisi ba 22 ba phethela koetliso ea CAF

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular